Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 17:25 - BIBELE

25 Abosalome a bea Amasa ditulong tsa Joabe, hore e be molaodi wa mabotho. Amasa e ne e le mora wa monna wa Moishemaele, ya neng a bitswa Jitera. Mmae e ne e le Abikale, moradi wa Nahashe, e leng moena wa Seruya, mma Joabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Tulong tsa Joabe, Absalome a bea Amasa molaodi wa makgotla. Amasa eo e ne e le mora motho ya bitswang Jithra, Moiseraele, ya neng a kene ho Abigaile, moradi wa Nahashe, ngwanabo Tseruja, mma Joabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 17:25
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bo-Abosalome le Baiseraele ba hloma naheng ya Gileade.


Ho Amasa le tle le re: ‘Na wena ha o madi eso? Morena a nketse tjena le tjena, le ho feta, haeba o ke ke wa ba molaodi wa mabotho sebakeng sa Joabe, kamehla ha ke ntse ke phela.’ ”


Kgosi ya hapa dipelo tsa banna bohle ba morabe wa Juda, ba eba ntsweleng, hoo ba bileng ba romela molaetsa ho yona, ba re: “Kgutla, wena le bahlanka bohle ba hao.”


Kgosi ya re ho Amasa: “Nkepele pitso ya banna ba morabe wa Juda, mme kamora matsatsi a mararo o be o le mona.”


Ha ditaba tsena di fihla ho Joabe, ya neng a le ka lehlakoreng la Adoniya, e seng ka ho la Abosalome, a balehela ka Tenteng ya Morena, a fihla a itshwarella ka manaka a aletare.


Morena o tla be a phetetsa madi ao ka hlooho ya hae, hobane o ne a bolaye banna ba babedi, ba lokileng, ba molemo ho mo feta. O ne a ba bolaye ka sabole, ntate, Davida, a sa tsebe letho. Banna bao ke Abinere, mora wa Nere, molaodi wa mabotho a Iseraele, le Amasa, mora wa Jetere, molaodi wa mabotho a Juda.


“Hape o tseba seo Joabe, mora wa Seruya, a neng a nketse sona; e leng seo a neng a se etse ho balaodi ba babedi ba mabotho a Iseraele, bo-Abinere, mora wa Nere, le Amasa, mora wa Jetere. O ne a ba bolaye, a tsholla madi nakong ya kgotso, jwalokaha eka ke ntweng. Ka hona madi ao a qaphaletsa leqhama le lethekeng la hae, le meqathatso e maotong a hae.


Ba bang ba morabe wa Manase le bona ba fetohela ka ho Davida, mohla a neng a ena le Bafilesita ha ba futuhetse Saule. Empa a se ke a thusa Bafilesita, hobane mahosana a bona a ne a ile a eletswa hore a mo leleke, a re: “O tla fetohela ka ho monga hae Saule, ebe re a bolawa.”


Mora wa Jese wa letsibolo ke Eliabe, wa bobedi ke Abinadabe, wa boraro ka Shima,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ