Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 15:31 - BIBELE

31 E mong a bolella Davida, a re: “Ahitofele o teng kahara mahlabaphiyo a Abosalome.” Davida a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nyopise dikeletso tsa Ahitofele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Jwale Davida a tsebiswa, ha thwe: Akitofele ke e mong wa ba emelanang le Absalome. Davida a re: Oho, Jehova, o etse keletso ya Akitofele lefeela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 15:31
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Abosalome a ntse a nyehela ka mahlabelo, a bitsa Ahitofele wa Mogilo, moeletsi wa Davida, a le motseng wa habo wa Gilo. Morero ona wa bohlabaphiyo o ne o le matla le batho ba tshehetsang Abosalome ba nna ba eketseha.


Mehleng eo, keletso eo Ahitofele a neng a fana ka yona e ne e nkuwa eka ke boporofeta bo tswang ho Modimo. Dikeletso tsohle tsa Ahitofele di bile jwalo ho Davida le ho Abosalome.


Yaba Abosalome le banna bohle ba Iseraele, ba re: “Keletso ena ya Hushai wa Moareke e ntle ho feta keletso ya Ahitofele.” Morena o ne a rerile hore keletso e ntle ya Ahitofele e nyope, e le hore Morena a tle a dihele koduwa hodima Abosalome.


Ha Ahitofele a bona hore ha ho uwe ka keletso ya hae, a qhaneha tonki ya hae, a tsamaya, a ipoella tlung ya hae, motseng wa habo. Ha a se a laile ba lelapa la hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.


Yaba Abosalome o re: “Mpitsetseng le Hushai wa Moareke, re tlo utlwa hore na yena o tla reng.”


Hushai a re ho Abosalome: “Ha e le kajeno, keletso ena ya Ahitofele ha e ntle.”


O nyopisa merero, bo-ramasene ba e rerile, ba be ba hloke katleho;


ba nteela hare ka dipuo tsa lehloyo, ba mphutuhela ntle ho lebaka.


Pesalema ya Davida ha a baleha mora hae Abosalome.


Ba re: “O kenwe ke lefu le lebe, o rapaletse, a ke ke a hlola a tsoha.”


Morena, lobokanya merero ya ba kgopo, o ferekanye maleme a bona, hobane nna ke bona sehloho, ke bona le diqabang motseng;


Hara wona ke timelo feela, bomenemene le mano di ke ke tsa sutha mabaleng a wona.


Baegepeta ba tla lahlehelwa ke tshepo, merero ya bona ke e nyopise. Ba tla ipiletsa ho medimo ya bohata le ho dinohe, ba ipiletse ho mathuela le ho baloi. Matsohong a mmusi ya lonya,


Ke nna ya nyopisang dipontsho tsa baporofeta ba bohata, ya fetolang dinohe e be dithoto, ya nyopisang tsebo ya bahlalefi, a e fetole lefeelafeelane.


“Ha ke bue ka lona bohle; ke tseba bao ke ba kgethileng. Empa Mangolo a reng: ‘Eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe,’ a tshwanetse ho phethahala.


Jwale mohlalefi o tla fella kae? Morutehi yena? Sengangele sa tsa lefatshe sona? Ana Modimo ha a ka a bontsha hore bohlale ba lefatshe ke bothoto?


Bohlale bo jwalo hase bo tswang hodimo, ke ba lefatshe, ba botho, ba bodemona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ