Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 15:27 - BIBELE

27 Kgosi ya boela ya re ho moprista Sadoke: “Na o re o senohe? Ke re o kgutlele motseng ka kgotso, wena le Ahimase, mora wa hao, le Jonathane, mora wa Abiatare; ke ho re lona le bara ba lona ba babedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Morena a eketsa a re ho moprista Tsadoke: Na ha o utlwisise? Ipoelle hae ka kgotso, le Akimaatse mora hao, le Jonathane mora Abiathare, bara ba lona ba babedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 15:27
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o ka kgutlela motseng, wa re ho Abosalome: ‘Oho, kgosi, ke tla ba mohlanka wa hao; jwalokaha ke nnile ka ba mohlanka wa ntatao, ka mokgwa o jwalo ke tla ba mohlanka wa hao,’ mme ka ho etsa jwalo o tla tseba ho nnyopisetsa dikeletso tsa Ahitofele.


Ba na le bara ba bona ba babedi hona moo, e leng Ahimase, mora wa Sadoke, le Jonathane, mora wa Abiatare, mme ntho efe kapa efe eo le e utlwang le tla ntsebisa yona ka bona.”


Bo-Jonathane le Ahimase ba ne ba ye ba ipate pela Sediba sa Rogele. Lekgabunyane le ne le ye le ye, le yo ba bolella ditaba, mme le bona ba ne ba ye ba ye, ba yo tsebisa kgosi, hobane ba ne ba sa tshwanela ho bonwa ba kena motseng.


Ahimase, mora wa Sadoke, a re ho Joabe: “Ere ke mathe, ke yo behela kgosi ditaba tse monate tsa hore Morena o e pheteditse ho dira tsa yona.”


Ka la hosasane ha Davida a tsoha, Morena a bua ho moporofeta Gade, senohe sa Davida, a re:


Yare a sa ntsane a bua, ha fihla Jonathane, mora wa moprista Abiatare. Adoniya a re ho yena: “Atamela kwano! Ke a tseba hoba o mohale, mme o re tliseditse ditaba tse monate.”


Ahimase, ya neng a nyetse moradi e mong wa Solomone, ya bitswang Basemate, a le naheng ya Nafthali.


Bana bohle e ne e le bara ba Hemane, senohe sa kgosi ditabeng tsa Modimo. Modimo a matlafatsa Hemane ka ho mo fa bara ba leshome le metso e mene, le baradi ba bararo.


Ahitube a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Ahimase,


Mohlanka a re ho yena: “Bona mona, motseng ona ho na le monna ya halalelang, mme ke motho ya hlomphehang. Tsohle tseo a di bolelang, ruri di ye di phethahale. Jwale a re ye hona teng; mohlomong a ka re bolella ho hong malebana le leeto lena leo re leng hara lona.”


Mehleng ya pele, naheng ya Iseraele, ha motho a ne a ilo botsa Modimo o ne a ye a re: “Tloo, re ye ho senohe,” hobane ya bitswang moporofeta kajeno, mehleng eo o ne a bitswa senohe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ