Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 15:25 - BIBELE

25 Kgosi ya re ho Sadoke: “Kgutlisetsa areka ya Modimo motseng; haeba Morena a ka nkgauhela, o tla nkgutlisa, mme a mpontshe yona le leaho la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Morena a ntoo re ho Tsadoke: Busetsa areka ya Modimo motseng; ha nka bona mohau ho Jehova, o tla nkgutlisa, a boele a mpontshe yona le tulo tsa yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 15:25
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba tlisa areka ya Morena, ba e bea ditulong tsa yona, bohareng ba tente eo Davida a neng a e hlometse yona. Davida a etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho.


ya re ho moporofeta Nathane: “Ako bone, nna ke dula tlung e hahilweng ka dithupa tsa dikedare, empa areka ya Morena yona e dula kahara masira.”


Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ke ile ka thaba ha ho thwe ho nna: “A re yeng ka Tlung ya Morena.”


Ka baka la Ntlo ya Morena, Morena Modimo wa rona, ke tla o kopela tse molemo.


Morena, ke rata ntlo eo o ahileng ho yona, e leng sebaka seo tlotla ya hao e dulang ho sona.


Modimo, wena thebe ya rona, ako tadime, o bone sefahleho, fahleho sa motlotsuwa wa hao.


“Ka mohau wa hao wa tsamaisa setjhaba, setjhaba seo o se lopolotseng, ka matla a hao wa se isa diahelong, diahelong tsa hao tse halalelang.


Yaba Moshe o re ho Morena: “Bona, o itse ho nna: ‘Nyolla setjhaba sena,’ empa ha o eso mpolelle hore na o tla nthoma le mang, le hoja wena o itse: ‘Ke tseba lebitso la hao, mme ke bile ke o hauhetse.’


Haeba o nkgauhetse, jwale ke a o rapela: ako mpontshe ditsela tsa hao, ke a o rapela, ke tle ke o tsebe; o tle o fele o nkgauhele. Ako hopole hore batho bana ke setjhaba sa hao.”


Hesekiya a botsa, a re: “Pontsho ya hore ke tla nyolohela Tempeleng ya Morena e tla ba efe?”


“Jwale ba porofetele mantswe ana wohle, o re ho bona: “ ‘Morena o tla puruma a le hodimo, a howeletse a le sehalalelong sa hae, a kgarumele lefatshe la hae. O tla howa sa batho ba tlhotlang morara, a howeletse baahi bohle ba lefatshe.


Le se ke la tshepa dipolelo tsa leshano, tse reng: “Ena ke Tempele ya Morena, Tempele ya Morena, Tempele ya Morena!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ