Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 14:27 - BIBELE

27 Abosalome a ba le bara ba bararo, le moradi a le mong, ya neng a bitswa Tamare. E ne e le Seilatsatsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Absalome a tswallwa bashemane ba bararo le mosetsana a le mong; lebitso la hae e ne e le Tamare; e ne e le mosadi ya sebopeho se setle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 14:27
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka tsatsi le leng, motsheare wa mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae. Ha a ntse a otlolla maoto hodima marulelo a ntlo ya bokgosi, a bona mosadi a ntse a tola. Mosadi eo o ne a le motle haholo.


Abosalome, mora wa Davida, o ne a ena le kgaitsedi e ntle. Lebitso la yona e le Tamare. Amanone, mora wa Davida wa ntlo e nngwe, o ne a rata Tamare haholo.


Ha Abosalome a sa ntsane a phela, o ne a ile a ikgahela sefika ka Kgohlong ya Kgosi, hobane o ne a re: “Ha ke na mora ya tla tsosa lebitso la ka.” Sefika seo a se reella ka yena, mme se ntse se bitswa Sefika sa Abosalome le kajeno-ya-bokajeno.


“Ke tla ema ke ba futuhele,” ho rialo Morena wa mabotho; “ke tla timetsa bitso la Babilona le masalla a yona, ke timetse bana ba yona le ditloholo tsa yona,” ho rialo Morena.


Morena o bua tjena: “Ngolang hore monna enwa ha a na bana, ke motho ya ke keng a atleha bophelong ba hae, ha ho le ya mong wa bana ba hae ya tla atleha, ya tla dula teroneng ya Davida, ya tla busa ba morabe wa Juda.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ