Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 14:19 - BIBELE

19 Kgosi ya re: “Na Joabe o teng morerong oo?” Mosadi a araba, a re: “Ke hlapanya ka monga ka, ka kgosi e phelang, ha ho kamoo nka latolang kateng seo monga ka, kgosi, a se buileng. Mohlanka wa hao Joabe o ile a ntaela, a re ke tle ke bue mantswe ana wohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Morena a re: Ha ke re, letsoho la Joabe le na le wena tabeng tseo tsohle na? Mosadi a araba, a re: Oho morena, monga ka ka moya wa hao o phelang, taba eo ya hao ha e kgelohele ho le letona, leha e le ho le letshehadi; efela e dutse kamoo e boletsweng kateng ke morena, monga ka; efela ke mohlanka wa hao Joabe ya ntaetseng, ya beileng le taba tsena tsohle molomong wa lekgabunyane la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 14:19
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Uriya a re ho Davida: “Areka e dutse ka tenteng; Baiseraele, le ba morabe wa Juda, le bona ba dutse ka ditenteng; le monga ka Joabe le bahlabani ba monga ka ba hlomme hara naha; jwale nna nka ya lapeng ha ka jwang, ho ya ja, le ho ya nwa, le ho ya robala le mosadi wa ka? Ke hlapanya ka wena, ntho e tjena nke ke ka e etsa!”


Kgosi ya araba, ya re ho mosadi eo: “O se ke wa ba wa mpatela ntho efe kapa efe eo ke tla o botsa yona.” Mosadi a re: “Monga ka, kgosi, ha a ke a bue.”


Jwale o ye ho kgosi, o yo bua le yona ka mokgwa ona.” Yaba o bolella mosadi eo seo a tla se bua.


Hoja ka bolaya Abosalome ka bolotsana, ke ne ke tla ipea kotsing, hobane ha ho letho le patehileng ho kgosi, mme ebe wena wa itshola.”


Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo.


Madi ao a botswe Joabe le bohle ba ntlo ya ntatae. Tlung ya Joabe ho nne ho be le ya nang le seso se qhitsang, kapa ya nang le lepera, kapa ya holofetseng hoo a tsamayang ka melamu, kapa ya bolawang ka sabole, kapa eo e leng mokopakopa.”


O ne o sa tlangwa matsoho, maoto a hao a se mahlaahleleng a lethose; o shwele jwaloka ya bolawang ke balotsana.” Setjhaba sohle sa boela sa mo lella.


Yaba Elia o re ho Elisha: “Ke a o rapela: Sala mona, hobane Morena o nthomile Bethele.” Empa Elisha a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Kahoo ba theohela Bethele.


O tla bua le yena, o mo rute seo a tla se bua; nna ke tla le thusa hore le bue hantle, mme ke le rute seo le tla se etsa.


Tlotla ho Morena ke ho etsa ditaba sephiri, athe tlotla ya dikgosi ke ho phenyaphenya ditaba.


Se kgelohele ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, mehato ya hao e o phemise bokgopo.


Re kopa hore o re dumelle re fete hara naha ya hao. Re ke ke ra tsamaya hara masimo, kapa hara dirapa tsa morara; re ke ke ra nwa le metsi a didiba. Re tla itsamaela feela mmileng o moholo wa kgosi; re ke ke ra thinyetsa ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, ho fihlela re etswa meeding ya hao.’ ”


hobane ke tla le nea mantswe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitwa ho bo hanyetsa le ho bo lwantsha.


O se ke wa kgeloha lentswe leha le le leng la mantswe ao ke o laelang wona kajeno. O se ke wa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, wa latela medimo e meng, wa e sebeletsa.”


“Ka baka leo, hlokomelang ho etsa jwalokaha Morena a le laetse. Le se ke la kgelohela ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.


Feela tsoha molota, o be sebete, o hlokomele ho phetha molao wohle oo mohlanka wa ka Moshe a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha jwang kapa jwang, e le hore o tle o atlehe hohle moo o yang teng.


Anna a re: “Oho, monga ka, ke hlapanya ka wena, monga ka, hore ke nna mosadi ya kileng a ema pela hao mona, a rapela Morena.


E ne e ile yare ha Saule a bona Davida a etswa ho ya lwana le Mofilesita, a re ho Abinere, molaodi wa lebotho: “Abinere, moshanyana eo ke mora wa mang?” Abinere a re: “Ke hlapanya ka kgosi ya ka e phelang: Ha ke tsebe!”


Davida a boela a hlapanya, a re: “Ntatao o tseba hantle hore o nthata haholo; ke ka baka lena a itseng: ‘Jonathane a se ke a tseba taba ena, esere ya mo utlwisa bohloko.’ Ruri ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena: Bophelo ba ka bo itshwareletse ka ntekeletsane.”


“Jwale he, monga ka, Morena o o thibetse ho tsholla madi, le ho hlatsa bohale ba hao, ka ho iphetetsa ka letsoho la hao. Ka baka leo, ke hlapanya ka Modimo ya phelang, le ka wena, hore dira tsa hao, le ba o lakaletsang bobe ba tla ba jwaloka Nabale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ