Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 14:17 - BIBELE

17 “Jwale lekgabunyane la hao le re: ‘Ke a o kopa: Lentswe la monga ka, kgosi, le ke le ntshedise. Monga ka, kgosi, o tseba ho hlalohanya bobe le botle, jwaloka lengeloi la Modimo. Morena Modimo wa hao, a ke a be le wena.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Lekgabunyane la hao le itse: Lentswe la morena, monga ka, e be le tshedisang; hobane morena, monga ka, o jwaloka lengeloi la Modimo, ho lemoha botle le bobe. Jehova, Modimo wa hao, a ke a be le wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 14:17
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya araba, ya re ho mosadi eo: “O se ke wa ba wa mpatela ntho efe kapa efe eo ke tla o botsa yona.” Mosadi a re: “Monga ka, kgosi, ha a ke a bue.”


Mohlanka wa hao Joabe o entse hona hore a tle a tle tabeng ena ka lekeke. Empa monga ka o bohlale jwaloka lengeloi la Modimo, mme o tseba tsohle tse etsahalang lefatsheng.”


yaba mohlanka eo o ntshenya lebitso ho monga ka, kgosi ya ka. Empa monga ka, kgosi ya ka, o jwaloka lengeloi la Modimo; ka baka leo, etsa seo o bonang se lokela.


Bohle ba lelapa la ntate ba ne ba lokelwa ke ho bolawa ke monga ka, kgosi ya ka, empa o ile wa nkenya hara bao o jang le bona. Ka baka leo, ke sa na le tokelo efe, ya hore ke nne ke ipiletse ho kgosi?”


Ha Baiseraele bohle ba utlwa kahlolo e entsweng ke kgosi, ba hlompha kgosi, ba e tshaba, hobane ba ile ba hlokomela hore Solomone o na le bohlale ba Modimo, ba ho ahlola ka toka.


Ka baka leo, ako nee mohlanka wa hao bohlale, hore a tsebe ho busa setjhaba sa hao, a hlalohanye botle ho bobe. Ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba se sekaalekaale?”


Ebe phoso e tswile lelemeng la ka? Na nka sitwa ho kgetha tse molemo ho tse kgopo?”


Silefera e hlwekiswa ka ho qhibidiswa pitseng, kgauta yona ka seboping sa yona, le motho o ahlolwa ka botumo ba hae.


Motho ya phoqang mohahabo o itjhehela leraba ka boyena.


Athe dijo tse thata ke tsa batho ba baholo, ba seng ba ithutile ho hlalohanya botle le bobe.


Re tla o mamela dinthong tsohle, jwalokaha re ile ra mamela Moshe. E se eka Morena Modimo wa hao, a ka ba le wena jwalokaha a ne a ena le Moshe.


Akishe a araba Davida, a re: “Ke a tseba hore o tshepahala jwaloka lengeloi la Modimo, empa leha ho le jwalo, mahosana a Bafilesita a itse: ‘A se ke a ba a ya ntweng le rona!’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ