Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 14:14 - BIBELE

14 Bohle re tlameha ho shwa. Re jwaloka metsi a qhaletsweng fatshe, a ke keng a hlola a bokellwa. Le yena Modimo ha a furalle batho, empa o etsa matsapa a hore ya lelekilweng ke batho a se ke a lahlwa ke Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Athe re fela re tshwanetse ho shwa, re jwaloka metsi a tsholohetseng fatshe, a ke keng a boela a bokellwa; wona Modimo ha o amohe motho bophelo ba hae, athe o ye o hopole mokgwa wa hore ya lelekilweng a se ke a lahlelwa ruri pela wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 14:14
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a re ho leqosa: “O tle o re ho Joabe: ‘Ntho ena e se ke ya ba ya o tshwenya, hobane sabole e nne e etse tse tjena. Tiisang matla, le futuhele motse ono, le o ripitle.’ Wena o mo kgothatse jwalo.”


“Jwale ha e le mona ke tlile ho bua ka taba ena le kgosi, monga ka, ke hobane ke tshositswe ke setjhaba, mme lekgabunyane la hao le ile la re: ‘Ke tla bua le kgosi, mme mohlomong kgosi e ka phethahatsa kopo ya lekgabunyane la yona.


Ka hona ke tla hlokofatsa ditloholo tsa Davida, empa e seng kamehla yohle.’ ”


Hoja motho o a shwe, a boele a phele, ke ne nka mamella tlokotsi tsa ka ka nako tsohle, ka emela topoloho ya ka ya ba ya fihla.


Ke a tseba hoba o tla nkisa lefung, tlung e kgethetsweng bohle, bohle ba phelang.


tsohle tse phelang di ne di tla timela, motho le yena, a kgutlele leroleng.


Ha a ye ka leeme ha a sebeletsa babusi, morui le mofutsana ke ditshwantshwang ho yena, kahoba bohle ke mmopo wa matsoho a hae.


dira di mpetletse meno, jwaloka tau tse purumang, tse harolang.


Ke jwaloka metsi a tsholohang, masapo a ka a tswenehile; pelo ya ka e jwaloka tshotso, e qhibidiha ka sefubeng sa ka;


Oho, Modimo, pshatla meno a bona, a pshatlelle ka mahanong a bona; oho, Morena, motsula meno, meno a mekwetsepe a ditawana.


“Na Morena o ntahletse ruri, ha a sa tla hlola a kgahlwa ke nna?


Ba tsholotse madi a bona jwaloka metsi hohle Jerusalema, mme ha ho ya ba epelang.


Ditshiu tsa ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng; ha re phela hantle, di mashome a robedi. Empa bongata ba tsona ke ba ditsietsi le mahlomola; di feta kapele, ebe re ile.


O kgutlisetsa motho leroleng, o re: “Kgutlang, bana ba batho.”


Ha a ne a sa mo lalla, a mpa a mmolaile e se ka morero, ke tla o kgethela moo a tla balehela teng.


Ba phelang bona ba a tseba hore ba tla shwa, athe bafu bona ha ho letho leo ba le tsebang, moputso le wona ha ba ka ke ba o fumana, esita le ho hopolwa ha ba sa hopolwa.


Morena ha a ke be a lahle batho, ha a ke a ba lahlela molahlelaruri!


Na nna ke thabela lefu la ya kgopo, ho ena le hore a furalle ditsela tsa hae, mme a phele? ho rialo Morena Modimo.


“ ‘Batho bao ba masalla ba tla ipolela makgopo a bona, le makgopo a bo-ntata bona, le ditshito tsa bona tseo ba ntshitetsweng ka tsona; le hore ba ile ba ntwantsha.


Metseng ena e tsheletseng ke moo ho tla tshabela bana ba Iseraele, le ba jakileng hara bona, le baditjhaba; ke hore e mong le e mong ya bolayang motho e se ka morero o tla tshabela teng.’ ”


Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi a tsholotsweng, e mmusetse motseng oo ho tshabelwang ho wona, moo a neng a balehetse teng. Mmolai eo o tla dula motseng oo ho fihlela Moprista e Moholo, ya neng a tlotsitswe ka ole e halalelang, a eshwa.


hobane mmolai o ne a tshwanetse ho dula motseng oo a tshabetseng ho wona ho fihlela Moprista e Moholo a eshwa. Kamora lefu la Moprista e Moholo ke hona mmolai a ka kgutlelang naheng ya habo.


Ba roma barutuwa ba bona ba ena le balatedi ba Heroda, mme ba re: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, mme o ruta tsela ya Modimo kannete, ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi.


Petrose a bua, a re: “Kannete ke a hlokomela hore Modimo ha a ye ka tshobotsi,


Morena Modimo wa lona, ke Modimo e moholo, ke Modimo wa medimo, ya matla, ya tshabehang. Ha a na leeme, ha a amohele tjotjo.


Batho ba abetswe ho shwa hanngwe, ba nto ahlolwa.


Haeba le rapela Modimo e le Ntata lona, yena ya ahlolang motho ka mong ka ho ya ka mesebetsi ya hae, a sa ye ka tshobotsi, eka kgona le phele ka tshabo nakong ya bojaki ba lona mona lefatsheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ