Ka nako ena Abosalome o ne a se a balehile. Ha mohlankana wa sebohodi a phahamisa mahlo, a tadima, a bona batho ba bangata ba theosa letswapo, ba etla ka tsela e kamorao ho yena.
Mosadi enwa a re: “Ke ka lebaka lang ha o hopolela setjhaba sa Modimo ntho e tjee? Leha kgosi e bua mantswe ana, kgosi e a itswa, hobane ha e eso ka e lata mora wa yona ya phaphathehileng.
Abosalome a re ho Joabe: “Bona mona, ke ile ka o bitsa, ka re o tle kwano, ke tlo o roma ho kgosi, o yo re ho yona: ‘Ke hobaneng ke latilweng Geshure? Ho ka be ho le molemo hoja ke ntse ke le moo.’ Jwale a nke ke bone kgosi; haeba ke ena le molato, e mpolaye!”
Ha mohlanka wa hao a sa le Geshure e Arame, o ile a etsa kano, a re: ‘Haeba ruri Morena a ka nkgutlisetsa Jerusalema, ke tla mo nyehella ke le Heborone.’ ”
Wa bobedi ya eba Kilabe, ya tswetsweng ke Abikaele, eo e neng e le mohatsa mofu Nabale wa Mokaramele. Wa boraro ya eba Abosalome, mora wa Maaka, moradi wa Talamai, kgosi ya Geshure.