Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 13:28 - BIBELE

28 Abosalome a laela bahlanka ba hae, a re: “Mamelang mona! Ha Amanone a se a tahilwe ke veine, e tle ere ha ke re ho lona: ‘Ho yena!’ le mmolaye le sa tshabe letho. Ke le laela jwalo. Le be sebete, le be bahale!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Jwale, Absalome a laela bahlanka ba hae, a re: Le ke le bone pelo ya Amnone ha e thabile ke veine; etlere ha ke re ho lona: Bolayang Amnone, le ke le mmolaye; le se ke la tshaba; ha ke re, ke nna ke le laelang? Itiiseng, le etse ka senna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 13:28
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A nwa veine, a tahwa, a robala ka tenteng a sa tena.


Davida a mo mema, a fihla a ja, a nwa, mme Davida a mo tahisa. Ka phirimana yona eo, Uriya a ithoballa le bahlanka ba monga hae, empa ha e le tlung ha hae, teng a se ke a ya.


Lengolong moo Davida o ne a ngotse, a itse: “Bea Uriya kamoo ntwa e leng mahlomafubedu kateng, ebe lona le a tjhetjha, a tle a hlajwe, a shwe.”


Ka baka leo, sabole e tla bolaya ba lelapa la hao kamehla yohle, hobane o nnyedisitse, wa inkela mosadi wa Uriya wa Mohete, hore e be mosadi wa hao.’


Abosalome a nna a pheella Davida ho fihlela a dumella Amanone le bara bohle ba kgosi hore ba ye.


Lekgabunyane la hao le ne le ena le bara ba babedi. Bara bao ba ile ba lwana kwana hara naha, moo ho neng ho se motho ya ka ba namolang. E mong a bata e mong, mme a mmolaya.


Ba futuha ha tsatsi le le hloohong tsa mengala. Bo-Bene-Hadade le dikgosi tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse neng di mo tlatsitse, ba ne ba ntse ba enwa, ba le diahelong, ba tahilwe.


Ka letsatsi la bosupa, ha kgosi e thabisitswe ke ho nwa veine, ya bitsa Mehumane, le Biseta, le Harebona, le Bigita, le Abakata, le Setare, le Karakase, e leng mahaole a supileng a neng a sebeletsa kgosi.


le veine, ho thabisa pelo ya motho; le ole, fahleho sa hae se be moropotsana, le dijo, ho matlafatsa mmele wa hae.


Yaba kgosi ya Egepeta e bitsa babelehisi, e re ho bona: “Ke ka baka lang ha le etsa ntho e tjee, le tlohela bana ba bashanyana ba phela?”


Mokete o etsetswa boithabiso, veine yona e natefisa bophelo, empa ka tjhelete o ka fumana tsohle.


Eya, o itjelle dijo ka thabo, o inwelle veine o nyakaletse, hoba Modimo o sa kgahlisitswe ke ketso tsa hao.


Hona bosiung boo, Beleshasare, kgosi ya Bakalatiya, a bolawa,


Ba tla tjheswa sa meutlwa e harahane, ba tjheswe sa dirite di omeletse, ba ntse ba itlopile veine ya bona.


“Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa,


Yaba Petrose le baapostola ba a araba, ba re: “Eka kgona ho mamelwe Modimo ho ena le batho.


Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”


Yare ha ba ntse ba ithabisa, banna ba bang ba motse oo, ba kgopo, ba etsetsa ntlo eo sakanalankope, ba tulaka lemati, ba bua le monnamoholo, monga ntlo, ba re: “Ntsha monna ya fihletseng mona ha hao, re tlo mo ja maotwana!”


Ba dula fatshe, bobedi ba bona ba eja, ba enwa. Ntata ngwanana a re ho monna eo: “Ke a o rapela: Kgotsofalla ho hlola mona bosiu bohle, o ithabise.”


Ha monna eo a ema hore a tsamaye le mosadi wa hae wa lefielo, le mohlanka wa hae, mohwe wa hae, e leng ntata ngwanana, a re ho yena: “Ako bone, ho se ho phirima. Ke a o kopa: Hlola mona bosiu bona bohle. Bona letsatsi le se le ilo dikela. Robaletsa mona, o ithabise, hosasane o tle o tsohelle tseleng, o ye ha hao.”


Ha Boase a se a jele, a nwele, mme a thabile, a ya ithoballa pela setha sa harese. Ruthe a ya ho yena ka lenyele, a kwaholla maoto a hae, a botha pela wona.


Saule a laela bahlanka ba hae, a re: “Buang le Davida ka lekunutu, le re: ‘Bona mona, kgosi e a o rata, le bahlanka ba yona bohle ba a o rata; ka baka leo, eba mokgwenyana wa kgosi.’ ”


Empa Saule a hlapanyetsa mosadi eo ka Morena, a re: “Ka Morena ya phelang, taba ena e ke ke ya o tlisetsa kotlo.”


Yaba kgosi e re ho yena: “O se ke wa tshoha. O bonang?” Mosadi a re ho Saule: “Ke bona ntho e kang sethotsela e ropoha fatshe.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ