Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 12:15 - BIBELE

15 Yaba Nathane o ikela tlung ya hae. Morena a otla ngwana eo mosadi wa Uriya a ileng a mo tswalla Davida. Ngwana eo a kula haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yaba Nathane o boela hae. Jehova a otla ngwana ya tswaletsweng Davida ke mosadi wa Uria, a kula haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 12:15
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, ka lebaka la hobane o nyedisitse Morena ka ho etsa ntho ena, ngwana enwa eo o tla mo tswallwa, yena o tla shwa.”


Davida a rapella ngwana eo ho Modimo, a itima dijo. Bosiu, ha a robala, o ne a robala fatshe.


Morena a otla kgosi, mme kgosi ya eba molepera ho fihlela e eshwa. Kgosi ya phela e le inotshi tlung e kathoko. Jotame, mora wa kgosi, e ne e le yena mookamedi wa lelapa la kgosi, a bile a busa naha eo.


Mehleng ya Abiya, Jeroboame ha a a ka a hlola a tsosa mohlahla, mme Morena a mo otla, a shwa.


Ha o ipata sefahleho, di a tshoha; ha o di amoha moya wa hao, di a shwa, di boele di kgutlele leroleng.


Hanghang lengeloi la Morena la mo otla, kahobane a sa ka a hlompha Modimo, mme a jewa ke diboko, a shwa.


“ ‘Bona, ke nna eo e ntseng e le yena, ha ho Modimo e mong. Ke a timetsa, ke a phedisa, ke a hlatha, ke a fodisa, ha ho ya ka namolelwang matsohong a ka.


Kamora matsatsi a leshome, Morena a otla Nabale, mme Nabale a shwa.


Davida a boela a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o se ke wa leka! Ke Morena ya tla mmolaya. Nako ya ho shwa ha hae e tla fihla, kapa o tla bolaelwa ntweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ