Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 3:2 - BIBELE

2 Hopolang he tse neng di bolelwe e sa le pele ke baporofeta ba halalelang, le ditaelo tse tswang ho Morena le Mopholosi wa rona, tseo le neng le di newe ke baapostola ba lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 le tle le hopole ditaba tse boletsweng pele ke baporofeta ba halalelang, le molao wa Morena Mmoloki, oo le o beetsweng ke baapostola ba lona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Le tle le hopole dipolelo tse boletsweng e sa le pele ke baporofeta ba halalelang, le ditaelo tsa Morena le Mopholosi wa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Le tle le hopole dipolelo tse boletsweng e sa le pele ke baporofeta ba halalelang, le ditaelo tsa Morena le Mopholosi wa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 3:2
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

jwalokaha a ne a bolele ka molomo wa baporofeta ba hae ba halalelang, ho tloha kgalekgale.


A qala ka Moshe le ka Baporofeta bohle, a ba qaqisetsa tse amanang le yena, tse Mangolong wohle.


Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.”


Baporofeta bohle ba a mo paka, ba re e mong le e mong ya dumelang ho yena o tla amohela tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.”


Ha ba se ba mo kgethetse letsatsi, ba bangata ba tla ho yena, moo a dulang teng. A ba hlalosetsa, a paka tsa Mmuso wa Modimo. Ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya a leka ho ba kgodisa ka tsa Jesu, a ipapisitse le Molao wa Moshe le Baporofeta.


Empa tseo Modimo a di boletseng e sa le pele, ka melomo ya baporofeta bohle, hore Mesia wa hae o tla hlokofatswa, o di phethahaditse ka wona mokgwa ona.


Ke yena eo lehodimo le tshwanetseng ho mo amohela ho fihlela mehla ya ha ho busetswa dintho tsohle madulong, mehla eo Modimo a buileng ka yona ka melomo ya baporofeta ba hae ba halalelang, ho tloha mehleng ya boholoholo.


Jarelanang mefokolo, mme ka hona le tla phetha molao wa Kreste.


Le hahilwe hodima motheo oo e leng baapostola le baporofeta, oo Kreste Jesu ka sebele e leng lejwe la mantlha la wona.


Mehleng e fetileng Modimo ha a a ka a tsebisa batho sephiri seo, empa kajeno, ka Moya, o se senoletse baapostola le baporofeta ba hae ba halalelang.


o boloke molao o se na letheba leha e le kodi, ho fihlela Morena wa rona Jesu Kreste a iponahatsa.


Ho ka be ho bile molemo ho bona, hoja ba ne ba sa ka ba tseba tsela ya ho loka, ho ena le hore, ha ba se ba e tsebile, ba kwenehele ditaelo tse halalelang tseo ba di neilweng.


Tadimang mamello ya Morena wa rona e le pholoho ya lona, kamoo le yena Paulosi, ngwanabo rona ya ratehang, a le ngoletseng kateng, ka bohlale boo a bo neilweng.


Mangolong wohle a hae, a amanang le ditaba tsena, o bua jwalo. Ho wona ho teng tse thata ho utlwisiswa, tseo ba sa rutehang le ba fokolang dikelellong ba di sothang, jwalokaha ba etsa Mangolong a mang, mme ba ye timelong.


Rona re ba Modimo. Ya tsebang Modimo o a re mamela, empa eo e seng wa Modimo ha a re mamele. Ke ka sena re tsebang moya wa nnete le moya wa bokgelohi.


Lona baratuwa, le mpe le hopole dipolelo tse boletsweng e sa le pele ke baapostola ba Morena wa rona Jesu Kreste.


Yaba ke itihela maotong a lona, ka re ke a le kgumamela, empa la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno ba nang le bopaki ba Jesu. Kgumamela Modimo. Bopaki ba Jesu ke moya wa boporofeta.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ