Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 3:1 - BIBELE

1 Baratuwa, lengolo lena leo ke le ngollang lona jwale, e se e le la bobedi. Ho wona a mabedi ke ne ke tsosa maikutlo a lona a hlwekileng ka ho le hopotsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Baratuwa, e se e le lengolo la bobedi leo ke le ngollang lona; mme ka wona a mabedi ke ntse ke re, ke a le hopotsa hore ke tsosa maikutlo a lona a hlwekileng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Baratuwa, lengolo lena la bobedi, ke le ngolla lona; tseo ke tsosang dikelello tse hlwekileng tsa lona ka tsona tse pedi ka ho le hopotsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Baratuwa, lengolo lena la bobedi, ke le ngolla lona; tseo ke tsosang dikelello tse hlwekileng tsa lona ka tsona tse pedi ka ho le hopotsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 3:1
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke ya matsoho a hlokang molato, ya pelo e hlwekileng, ya sa lakatseng mafeela, ya sa hlapanyetseng leshano.


Pesalema ya Asafo. Ruri Modimo o molemo ho Iseraele, e, le ho ba pelo di hlwekileng.


Ho lehlohonolo ba pelo di hlwekileng, hobane ba tla bona Modimo.


Ba entseng sebe ka nako e fetileng, le ba bang bohle, ke ne ke ba bolelle mohla ketelo ya ka ya bobedi, mme le kajeno ke sa ba bolella hape ke eso tle, hore mohla ke tlang hape, ha ke na ho qenehela motho,


O se ke wa potlakela ho bea mang kapa mang matsoho; o se ke wa ba le kabelo dibeng tsa ba bang, mme o ipoloke o hlwekile.


Ka hona ke o hopotsa hore o tsosolose neo ya Modimo, eo o e amohetseng ka hore ke o bee matsoho.


Baratuwa, leha re bua jwalo, re kgodisehile hore lona le boemong bo botle ba ho pholoswa.


Kaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho mamela nnete, mme le rata bana babo lona ka lerato le se nang boikaketsi, ratanang ka dipelo tsohle, ka lerato le mofuthu.


Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya.


Ka baka leo, baratuwa, ha le ntse le lebeletse tseo, etsang ka matla hore Modimo a le fumane le se na letheba leha e le sekodi, le ena le kgotso.


Jwale lona baratuwa, erekaha le lemositswe e sa le pele, itlhokomeleng, le se ke la hohelwa ke batho ba kgopo, ba kgelohileng, la tloha la lahlehelwa ke ho tiya ha lona.


Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng.


Le hoja le se le tseba tsena tsohle ka ho tlala, ke rata ho le hopotsa hore, e ne e re hoba Morena a pholose setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o ile a fedisa ba sa kang ba dumela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ