Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 2:7 - BIBELE

7 Empa o ile a pholosa Lota, monna ya lokileng, ya neng a tennwe ke boitshwaro bo manyala ba batho bao ba kgopo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 mme ha o pholositse Lota, monna ya lokileng, ya neng a hlora hampe ka baka la ketso tse dihlong tsa batho bao ba manyala —

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 A pholosa Lota ya lokileng, ya neng a tshwenyehile ka metsamao e ditshila ya ba kgopo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 A pholosa Lota ya lokileng, ya neng a tshwenyehile ka metsamao e ditshila ya ba kgopo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 2:7
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Batho ba Sodoma e ne e le baetsadibe ba kgopo haholo, ba sitelwa Morena.


Empa a dikadika; kahoo banna bao ba mo hula ka letsoho, mmoho le mosadi wa hae le baradi ba hae ba babedi, hobane Morena o ne a mo hauhetse. Ba mo ntshetsa kantle ho motse.


Potlaka, o balehele ho wona, hobane nke ke ka etsa letho, ho fihlela o fihla moo.” Ke ka baka lena motse oo o ileng wa bitswa Soware.


Ha Modimo a ripitla metse eo e phuleng, Modimo a hopola Aborahama; a ntsha Lota koduweng eo, ha a ne a ripitla metse eo Lota a neng a ahile ho yona.


Ba howeletsa Lota, ba re: “Banna bale ba fihlileng ha hao phirimaneng ye ba kae? Ba tlise kwano ho rona, re tlo ba ja maotwana!”


Ho madimabe nna ka ho jaka Mesheke, ka ho aha hara ditente tsa Kedare.


Malebana le baporofeta, Jeremia o re: Pelo ya ka e nyahame kahara ho nna, e nyahamisitswe ke baporofeta; masapo a ka wohle a kenwe ke thothomelo. Ka baka la Morena le mantswe a halalelang a hae, ke se ke itshwanela le monna wa letahwa, ke tshwana le monna ya itlopileng veine.


Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.


Dipuo tsa bona ke tsa boikgohomoso, tsa mafeela; ka ditakatso tse kgopo tsa nama, ba tshwasa ba sa tswa phonyoha ho ba phelang bokgelohing.


Ba bangata ba tla ba latela tseleng ya bokgopo, mme ka baka la bona tsela ya nnete e tla nyefolwa.


Jwale lona baratuwa, erekaha le lemositswe e sa le pele, itlhokomeleng, le se ke la hohelwa ke batho ba kgopo, ba kgelohileng, la tloha la lahlehelwa ke ho tiya ha lona.


Ho na le batho ba bang ba keneng hara lona ka sekgukgu, bao kahlolo ya bona e leng kgale e ngotswe. Ke ba kgopo, ba nkang mohau wa Modimo wa rona e le tumello ya ho etsa tse manyala; ke ba latolang Monga rona ya inotshi, le Morena wa rona Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ