Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 2:20 - BIBELE

20 Haeba batho ba ile ba phonyoha tshilafatsong ya tsa lefatshe ka ho tseba Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona, empa jwale ba boela ba tshwaswa, ba hlolwa hape ke tsona. Ba jwalo ditaba tsa bona tsa morao di ba mpe ho feta tsa pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Hobane ha ba ne ba se ba balehetse ditshila tsa lefatshe, ke ho tseba Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona, mme ba boetse ba itshwasitse ho tsona, mme ba hlotswe ke tsona, taba tsa bona tsa qetello di mpe ho fetisa tsa pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Hobane ha ba ka boela ba phonyoha ditshila tsa lefatshe ka tsebo ya Morena le Mopholosi Jesu Kreste, mme ba boela ba tshwaswa ke tsona, mme ba hlolwa ke tsona, qetello ya bona e mpe ho feta ya pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Hobane ha ba ka boela ba phonyoha ditshila tsa lefatshe ka tsebo ya Morena le Mopholosi Jesu Kreste, mme ba boela ba tshwaswa ke tsona, mme ba hlolwa ke tsona, qetello ya bona e mpe ho feta ya pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 2:20
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ke re ho ya lokileng ruri o tla phela, empa a itshepela ho loka ha hae, mme a etsa bobe, ha ho le e nngwe ya dintho tse lokileng tseo a di entseng e tla hlola e sa hopolwa; o tla shwa ka baka la bokgopo boo a bo entseng.


Moprista o tla le hlahloba, mme haeba lebadi leo le bonahala le phobetse, mohwete wa lona o sweufetse, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Ke lefu la lepera le qalehileng ka mokgwa wa lethopa.


Ha se se se hlatswitswe, moprista o tla se hlahloba, mme ha a fumana hore ha ho na phetoho, le hoja lefu le sa anela seaparo, phahlo eo e sesila. E tjheswe ka mollo, e sesila kahohle.


“Haeba lefu le hlaha hape kamora hoba ho qhebollwe majwe, ho thebolwe mabota, ho be ho dilwe hape,


Bileame a tadima Baamaleke, mme a porofeta, a re: “Amaleke setjhaba sa pele hara ditjhaba, empa qetellong se tla timella ruri.”


Ha se ne se le bohlale, se utlwisisa, se ne se tla lemoha pheletso ya sona.


Qetello ya bona e tla ba timelo, modimo wa bona ke dijo, ba ithorisa ka tsa bona tse dihlong, ba ikgopolela tsa lefatshe lena.


Ha ho ya hlabanang ya ka itshitisang ka ditaba tsa bophelo bona, haeba a rata ho kgahlisa molaodi ya mo thotseng.


Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.


Ka mokgwa o jwalo le tla newa tokelo e tletseng ya ho kena Mmusong o sa feleng wa Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona.


Le ke le ekeletswe mohau le kgotso ka ho tseba Modimo le Jesu, Morena wa rona.


Matla a hae a bomodimo a re neile dintho tsohle tseo e leng tsa bophelo le tsa borapedi, ka ho re fa tsebo e tletseng ya ya re bitsitseng ka tlotla ya hae le ka matla a hae.


Ka tsena o re neile dintho tsa bohlokwa, tse kgolo, tseo a neng a re tshepisitse tsona, e le hore ka tsona le tle le be le kabelo bomodimong ba hae, mme le phonyohe bokgopong bo teng lefatsheng, bo bakwang ke ditakatso tse mpe.


Ha le ena le tsena ka bongata, ha le sa tla ba batho ba se nang thuso, ba nyopileng tsebong ya Morena wa rona Jesu Kreste.


Dipuo tsa bona ke tsa boikgohomoso, tsa mafeela; ka ditakatso tse kgopo tsa nama, ba tshwasa ba sa tswa phonyoha ho ba phelang bokgelohing.


Le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona. Ho yena e be tlotla jwale le kamehla yohle. A ho be jwalo!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ