Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 2:18 - BIBELE

18 Dipuo tsa bona ke tsa boikgohomoso, tsa mafeela; ka ditakatso tse kgopo tsa nama, ba tshwasa ba sa tswa phonyoha ho ba phelang bokgelohing.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hobane ka ho bolela ditaba tsa boikgantsho le tsa lefeela, ba tjhatjhehisa ka ditakatso tsa nama le ka bohlola batho ba sa tswa furalla ba itsamaelang leshanong;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Hobane ha ba bolela dipolelo tsa boikgohomoso, ba hohela ka ditakatso tsa nama le ka bohlola, ba phonyohileng ho ba phelang ka ho kgeloha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Hobane ha ba bolela dipolelo tsa boikgohomoso, ba hohela ka ditakatso tsa nama le ka bohlola, ba phonyohileng ho ba phelang ka ho kgeloha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 2:18
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba moporofeta eo wa Modimo o kgutla le moporofeta wa leqheku. Ha a fihla lapeng a ja, a nwa le metsi.


Ka melomo ya lona le ile la ithorisetsa nna, la mpuela mantswe a mangata a le fetang, mme ka a utlwa.’ ”


“Kgosi ya Siria e tla iketsetsa borata, e iphahamise, e ithorise ka ho re e matla ho feta medimo yohle, mme e nyefole le Modimo wa medimo. E tla atleha ho be ho fihle nako ya kgalefo, hobane se laotsweng eka kgona se phethahale.


a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?”


A paka le ka mantswe a mang a mangata, a ba kgothatsa, a re: “Ipholoseng molokong ona o kgopo!”


Monna e mong ya bitswang Simone, ya neng a se a ntse a le motseng oo e le senohe, a makatsa batho ba Samaria, a ipolela hore yena ke mangmang.


A re pheleng ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha e ka ke motsheare, e seng ka bonyollo le ka botahwa, e seng ka bohlola le ka diketso tse manyala, e seng ka dikgang le ka mohono.


Ka lebitso la Morena ke le bolella sena, mme ke a se tiisa, ke re: Le se hlole le phela jwaloka bahedene, ba tsamaiswang ke maikutlo a bona a lefeela.


Yena o tla lwantsha, a iphahamisetse tsohle tse bitswang Modimo, tse kgumamelwang ke batho, hoo yena a tlang ho itulela ka Tempeleng ya Modimo, a iketse Modimo.


Le phetse menateng le menyakeng mona lefatsheng, la inontshetsa letsatsi leo ka lona le tla hlajwa jwaloka dinku.


Ka tsena o re neile dintho tsa bohlokwa, tse kgolo, tseo a neng a re tshepisitse tsona, e le hore ka tsona le tle le be le kabelo bomodimong ba hae, mme le phonyohe bokgopong bo teng lefatsheng, bo bakwang ke ditakatso tse mpe.


Mahlo a bona a tsoma bofebe kamehla, ba lakatsa sebe hoyahoile, ba tshwasa ba fokolang, dipelo tsa bona di tletse meharo. Ke batho ba rohakehileng.


Ba bangata ba tla ba latela tseleng ya bokgopo, mme ka baka la bona tsela ya nnete e tla nyefolwa.


Haeba batho ba ile ba phonyoha tshilafatsong ya tsa lefatshe ka ho tseba Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona, empa jwale ba boela ba tshwaswa, ba hlolwa hape ke tsona. Ba jwalo ditaba tsa bona tsa morao di ba mpe ho feta tsa pele.


Empa o ile a pholosa Lota, monna ya lokileng, ya neng a tennwe ke boitshwaro bo manyala ba batho bao ba kgopo.


Jwale lona baratuwa, erekaha le lemositswe e sa le pele, itlhokomeleng, le se ke la hohelwa ke batho ba kgopo, ba kgelohileng, la tloha la lahlehelwa ke ho tiya ha lona.


Ke maqhubu a befileng a lewatle, a tlokomang lekweba la dihlong tsa bona. Ke dinaledi tse lelerang, tse boloketsweng lefifi le letsholetsho, ka ho sa feleng.


Jwale ka bona sebatana se seng se nyoloha lefatsheng. Se ne se ena le dinaka tse pedi tse kang tsa konyana, empa se ne se bua jwaloka kganyapa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ