Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 2:12 - BIBELE

12 Empa batho bao, ba kang diphoofolo tse hlokang kelello, tse bopetsweng ho tshwaswa le ho bolawa, ba nyefola dintho tseo ba sa di tsebeng. Ba tla timetswa jwaloka diphoofolo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa bao, ba leng jwaloka diphoofolo tse se nang kelello, tse nang le bophelo ba nama feela, tse hlahileng hore di tshwarwe mme di hlajwe, ha ba ntse ba nyefola tabeng tseo ba sa di tsebeng, ba tla timela ho boleng ha bona, ba inkele moputso wa bokgopo jwa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Empa bona, jwaloka dibata tse se nang kelello, tse tswaletsweng ho tshwarwa le ho timetswa, ba nyefola tseo ba sa di tsebeng; mme ba tla timela ho bola ha bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Empa bona, jwaloka dibata tse se nang kelello, tse tswaletsweng ho tshwarwa le ho timetswa, ba nyefola tseo ba sa di tsebeng; mme ba tla timela ho bola ha bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 2:12
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motho a ke ke a phela hoyahoile, a se ke a tseba lebitla.


Morena, mesebetsi ya hao e meholo hakaakang! Mehopolo ya hao e tebile hakaakang!


Utlwisisang, lona setjhaba sa mawatla; dithoto ting! le tla hlalefa neng?


Ya kgopo o fediswa ke bokgopo ba hae, ya lokileng o na le letshepa, esita le lefung la hae.


Badisa ba hloka kelello, thuso ya Morena ha ba e batle, kahoo ba ke ke ba fumana katleho, mehlape ya bona yohle e qhalakane.


Bohle ba hloka kelello, ba thotofetse, thuto tsa medimo ya lehong ke tsa lefeela.


Wena Morena, o ntseba hantle, o a mpona, o lekola menahano ya ka mabapa le wena. Ba hule sa nku e iswa tlhabong! Wena o ba beele kathoko, bakeng sa tsatsi la tlhabo ba beele kathoko.


“Tjhaba sa ka se thotofetse, ha se sa ntseba, ke tseketseke tsa bana, ha se na kutlwisiso; ho etsa bokgopo se ho hlalefetse, ho etsa botle hona ha se ho tsebe.”


Yaba nna ke re: “Bana ke bathwana ba hlokang tsebo, bao tsela ya Modimo ba sa e tsebeng, ba sa tsebeng taelo tsa Modimo wa bona.


Ke tla hlatsa kgalefo ya ka, ke e hlatsetse hodima hao, bohale ba ka bo tuke malakabe, ke neelane ka wena ho ba sehloho, bao e leng ditsebi tsa ho timetsa.


le bofebe, meharo, bokgopo, thetso, mekgwa e hlabisang dihlong, mona, ketseletso, boikgantsho, le bothoto.


A re ho bona hape: “Ke a tsamaya; le tla mpatla, mme le tla shwela sebeng sa lona; moo ke yang teng, le ke ke la tla.”


Ya jalang tshimong ya tsa botho o tla kotula ho bola ho yona, empa ya jalang tshimong ya tsa Moya, o tla kotula bophelo bo sa feleng ho yona.


Tsena tsohle ke tse senyehang ha di sebediswa. Hona ke ho latela melawana le dithuto tse tswang ho batho.


Ka tsena o re neile dintho tsa bohlokwa, tse kgolo, tseo a neng a re tshepisitse tsona, e le hore ka tsona le tle le be le kabelo bomodimong ba hae, mme le phonyohe bokgopong bo teng lefatsheng, bo bakwang ke ditakatso tse mpe.


Ba tshepisa batho bolokolohi, athe bona ke makgoba a ditlwaelo tse bodileng, hobane motho ke lekgoba la se mo hlotseng.


Batho bana ba nyefola tseo ba sa di tsebeng. Le tseo ba di tsebang ka tlhaho, jwalokaha le diphoofolo tse se nang kutlwisiso di di tseba, ba itimetsa ka tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ