Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 2:10 - BIBELE

10 haholoholo ba buswang ke ditakatso tse ditshila tsa nama, ba nyefolang borena ba Modimo. Ke ba itshepang, ba ikgopolang, ba sa tshabeng ho nyefola mangeloi a tlotlehang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 haholo ba dumelang ho hulelwa ke nama ditakatsong tse ditshila, ba nyedisang borena. Baikgantshi, baikgohomosi bao, ha ba tshabe ho nyefola ba kganyang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Empa haholoholo ba tsamayang ka nama ditakatsong tse ditshila, ba nyedisang puso. Ke baikgohomosi, ke baithati, ha ba tshabe ho nyefola ba hlomphehang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Empa haholoholo ba tsamayang ka nama ditakatsong tse ditshila, ba nyedisang puso. Ke baikgohomosi, ke baithati, ha ba tshabe ho nyefola ba hlomphehang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 2:10
38 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moya wa ka o se kene mererong ya bona, pelo ya ka e se kene mokgatlong wa bona, hobane ha ba halefile ba na ba bolaya batho, ha ba halefetse lefeela ba kgaola dipholo mesifa.


Gilegale ho ne ho ena le monna ya kgopo, ya neng a bitswa Sheba. E ne e le mora wa Bikiri wa Mobenjamine. Sheba a letsa lenaka, a re: “Ha re amane ka letho le Davida, mora wa Jese hase letho ho rona. Baiseraele, motho le motho lapeng la hae!”


Ha setjhaba sohle sa Iseraele se bona hore kgosi ha e se mamele, sa e araba, sa re: “Re amana ka dife le Davida? Mora wa Jese hase letho ho rona! Ha re ka ke ra fumana letho ho yena! Baiseraele, motho le motho lapeng la hae! Davida, sala le morabe wa heno!” Yaba Baiseraele ba kgutlela malapeng a bona.


Morena a ke a fedise bohle, bohle ba maleme a monate, le bohle ba melomo e ikakasang,


“O se ke wa nyefola Modimo, mme o se ke wa rohaka mmusi wa setjhaba sa heno.


Se rohake kgosi, leha e le ka mehopolong ya hao, kapa morui ha o le ka kamoreng ya ho robala, hoba nonyana e fofang e ka utlwa polelo tsa hao, tlhatsinyane ha e rura ya tsamaya e di bolela.


“Lona ba moloko ona, mamelang lentswe la Morena: Na ke bile lehwatata ho Baiseraele, ka ka naha e lefifi ho bona? Ke ka baka lang ha tjhaba sa ka se re: ‘Rona re tla iketsetsa borata, ha re ka ke ra kgutlela ho wena?’


“ ‘Empa motho ya tlolang molao ka boomo, e ka ba letswallwa la naha kapa mojaki, eo o nyefola Morena, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Jwale ha o fihla, o e fumana e fietswe, e kgabisitswe;


“Empa kaha baahi ba naha ya hae ba ne ba mo hloile, ba mo sadisa baromuwa morao, ba re: ‘Ha re rate ha eo a rena hodima rona.’


Paulosi a re: “Bana beso, ke ne ke sa tsebe hore ke Moprista e Moholo, hobane ho ngotswe, ho thwe: ‘O se ke wa bua mmusi wa setjhaba sa heno hampe.’ ”


Jwale he, ba leng ho Kreste ha ba sa tla ahlolwa,


Kapa na ha le tsebe hore ba kgopo ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo? Le se ke la ithetsa: dihlola, le basebeletsi ba medimo ya bohata, le difebe, le ba janang maotwana,


Kahobane ba shwele moya, ba ineeletse bokgopo, tsohle tse ditshila ba di tswetse pelo.


Tsebang hore bohle bao e leng dihlola, kapa ba ditshila, kapa ba meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata, ha ba na ho ja lefa Mmusong wa Kreste le wa Modimo.


Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.


Modimo ha a a ka a re bitsetsa mekgweng e ditshila, empa o re bitseditse kgalalelong.


Batho e tla ba baithati, ba ratang tjhelete, baithorisi, baikgantshi, banyefodi, ba sa utlweng batswadi, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng.


Eka kgona mookamedi ya hlokometseng tsa Modimo a se ke a nyatseha. E se be motho ya ikgopolang, kapa sefelapelwana, kapa letahwa, kapa ya leqhoko, kapa ya ithuisang ka mano.


Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe.


Pele ho tsohle tsebang hona: Mehleng ya bofelo ho tla tla basomi ba laolwang ke ditakatso tsa bona, ba some,


Batho bana ba nyefola tseo ba sa di tsebeng. Le tseo ba di tsebang ka tlhaho, jwalokaha le diphoofolo tse se nang kutlwisiso di di tseba, ba itimetsa ka tsona.


Batho bana ke bakomakomi, bakganani, ba laolwang ke ditakatso tsa bona, bao melomo ya bona e buang tsa boikgohomoso, ba yang ka tshobotsi ho iphumanela tsa bona.


Ba itse ho lona: “Mehleng ya bofelo ho tla tla basomi ba laolwang ke ditakatso tsa bona tse kgopo.”


Ho na le batho ba bang ba keneng hara lona ka sekgukgu, bao kahlolo ya bona e leng kgale e ngotswe. Ke ba kgopo, ba nkang mohau wa Modimo wa rona e le tumello ya ho etsa tse manyala; ke ba latolang Monga rona ya inotshi, le Morena wa rona Jesu Kreste.


Empa banna ba bang ba kgopo ba re: “Motho eo o tla re namolela jwang?” Ba mo nyedisa, mme ba se ke ba mo nea dimpho. Empa Saule a ikgaohanela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ