Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 1:9 - BIBELE

9 Ya se nang tsena ke sefofu se phopholetsang lefifing, ebile o lebetse le hore nakong e fetileng o ile a hlatsuwa dibe tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hobane eo ntho tseo di leng siyo ho yena, o foufetse, ha a bonele hole, mme o lebetse phekolo ya dibe tsa hae tsa pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Empa ya hlokang dintho tsena o foufetse, ha a bone hole, mme o lebetse hore o hlatswitswe dibe tsa hae tsa kgale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Empa ya hlokang dintho tsena o foufetse, ha a bone hole, mme o lebetse hore o hlatswitswe dibe tsa hae tsa kgale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 1:9
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha se se se hlatswitswe, moprista o tla se hlahloba, mme ha a fumana hore ha ho na phetoho, le hoja lefu le sa anela seaparo, phahlo eo e sesila. E tjheswe ka mollo, e sesila kahohle.


Jesu a mo tadima, mme a mo rata, a re ho yena: “O haellwa ke ntho e le nngwe: Eya, o rekise tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele!”


Yare ha Jesu a utlwa hoo, a re ho yena: “O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana, mme o tla ba le letlotlo lehodimong, jwale o tle, o ntatele.”


Ka mokgwa o jwalo le lona le inke le le ba shweleng ka nqeng ya sebe, empa le le ba phelelang Modimo ho Kreste Jesu.


Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato;


hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.


O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe,


Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?


Metsi ana ke setshwantsho sa kolobetso e re pholosang jwale. Kolobetso hase ho hlatsuwa ditshila tsa mmele, empa ke ho itlama ho Modimo ka letswalo le kgutsitseng. E le pholosa ka tsoho ya Jesu Kreste,


Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.


“O re: ‘Ke morui, ke ruile, ha ke hloke letho;’ empa ha o tsebe hore o soto, o madimabe, o futsanehile, o foufetse, mme o feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ