Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 9:33 - BIBELE

33 A re ho bona: “Mo lahleleng fatshe!” Ba mo lahlela fatshe. Madi a mang a hae a qaphaletsa lerako, le dipere, mme kariki ya ntwa le dipere tsa mo kgobotlela ka ditlhako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 A re: Mo diheleng. Ba mo dihela, madi a mang a hae a qatohela lerakong le dipereng; mme a mo hatakela ka maoto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 9:33
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Banna ba motse oo wa habo Nabote, e leng baholo le mahosana, bao e neng e le baahi ba motse oo, ba phetha taelo eo Jesabele a neng a ba rometse yona, jwalokaha e ne e ngotswe mangolong ao a neng a ba rometse wona.


Hona ha fela ha etsahala ho lehosana lena, hobane setjhaba se ile sa le hatakella moo kgorong, la ba la eshwa.


‘Ruri, maobane ke bone madi a Nabote, le madi a bara ba hae,’ ho rialo Morena: ‘Ke tla a phetetsa ka ho sebedisa wena, hona tshimong ena,’ ho rialo Morena. Ka baka lena he, mo nke, o mo lahlele hara tshimo, ho ya ka polelo eo ya Morena.”


Jehu a tadima fesetereng, a re: “Ke mang ya ka lehlakoreng la ka? Ke mang?” Yaba basebeletsi ba babedi kapa ba bararo ba a mo tadima.


Ha Jehu a se a kene, a fihla a ja, a nwa, a nto re: “Tsamayang, le yo nka mosadi eno ya rohakehileng, le mo epele, hobane ke moradi wa kgosi!”


Morena o tla sireletsa thaba ena, Bamoabe bona a ba hatakele, a ba hatakele sa mmoko o hatakellwa moraheng.


O tla hatakelwa ka maoto, o hatakelwe ke maoto a mafutsana, o hatakelwe ke mehato ya bahloki.


Dinatla tsa ka tsohle tse neng di mpotile, kaofela ha tsona Morena o di phetshetse; o mmemetse lebotho ho tla mphutuhela, le mphutuhele, tjhatjha ya ka le e pidile. Morena o tlabiketse morwetsana, Moradi wa Juda, a mo tlabikela sa morara setlhotlelong.


Ke moo dira tsa ka di tla bona, di bone, di aparelwe ke dihlong, tsona dira tse neng di bua ho nna, di re: “O kae Morena Modimo wa hao?” Ke tla bona ha di hatakelwa ka maoto, di hatakelwa sa qhafutso diterateng.


Bohle e tla ba dinatla tsa batho, dira tsa bona ba di hatakele, ba di kgotlelle diretseng ba le ntweng. Ba tla lwana, hoba Morena o a ba thusetsa, bapalami ba dipere ba phasaphase.


Mohla tsatsi leo ke etsang tsena ka lona, le tla hatakela ba kgopo, mme ba tla ba jwaloka molora katlasa maoto a lona,” ho rialo Morena wa mabotho.


“Le letswai la lefatshe, empa ha letswai le ka tapa, le ka tswaifatswa kang? Ha le sa na thuso, haese hore le lahlelwe kantle, le hatakelwe ke batho.


Ha le nahana, kotlo e tla ba boima hakaakang, e lokelang ya hataketseng Mora wa Modimo, ya tlontlolotseng madi a selekane ao a hlwekisitsweng ka wona, ya nyefotseng Moya wa Modimo o mohau!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ