Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 9:25 - BIBELE

25 Yaba Jehu o re ho Bidekare, molaodi wa mabotho a hae: “Mo nke, o mo lahlele hara tshimo eno ya Nabote wa Mojesereele! Hopola mohla rona le wena re neng re palame le Akabe, ntatae. Morena o ne a mo ahlole ka mantswe ana, a re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Jehu a re ho Bidkare, tona ya hae: Mo nke, o mo lahlele tshimong ya Nabothe wa Jisreele; hopola hobane, mohla re neng re kaletse hammoho le wena, re latetse Akabe ntatae, Jehova o boletse tsuo hodima hae,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 9:25
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya tla phonyoha saboleng sa Hasaele, o tla bolawa ke Jehu, mme ya tla phonyoha saboleng ya Jehu, o tla bolawa ke Elisha.


Hoba tsena di fete, ha etsahala tsena: Nabote wa Mojesereele o ne a ena le tshimo ya morara Jesereele, e le haufi le ntlo ya bokgosi ya Akabe, kgosi ya Samaria.


O tle o fihle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Na o fela o bolaile Nabote, o bile o inketse tshimo ya hae?’ O boele o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Hona moo, moo dintja di ileng tsa qaphela madi a Nabote hona teng, le wena madi a hao di tla a qaphela hona teng.’ ”


Tsena di phethahetse ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bue ho Jehu, a re: “Bana ba hao, ho isa molokong wa bone, ba tla busa setjhaba sa Iseraele.” Ho ile ha fela ha eba jwalo.


‘Ruri, maobane ke bone madi a Nabote, le madi a bara ba hae,’ ho rialo Morena: ‘Ke tla a phetetsa ka ho sebedisa wena, hona tshimong ena,’ ho rialo Morena. Ka baka lena he, mo nke, o mo lahlele hara tshimo, ho ya ka polelo eo ya Morena.”


Bona ke boporofeta boo Esaya, mora wa Amose, a neng a bo senolelwe mabapa le Babilona:


“Ere ho sona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Molaetsa ona ke wa kgosana ya Jerusalema le bohle ba ntlo ya Iseraele ba phelang moo.’


Ona ke molaetsa o buang ka Ninife. Ke buka ya pono eo Nahume wa Elekoshi a neng a e bontshwe.


Ona ke molaetsa wa Morena. Morena a bua ho Baiseraele ka molomo wa Malakiya, a re:


Joko ya ka e bonolo, mme thoto ya ka e bobebe.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ