Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 9:17 - BIBELE

17 Sebohodi se ne se eme hodima tora ya Jesereele. Ha se bona sehlopha sa Jehu se ntse se etla, sa re: “Hlopha sa batho ke sane!” Jorame a re: “Ere monna a palame pere, a yo se kgahlanyetsa, mme a fihle a re ho sona: ‘Na le tla ka kgotso?’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ho bo ho eme sebohodi hodima tora ya Jisreele; sa bona sehlopha sa Jehu se etla, sa re: Ke bona sehlopha. Jorame a re: Ho nkwe mokalli e mong, a romelwe ho ba kgahlanyetsa, a re: Na ke kgotso na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 9:17
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka nako ena Abosalome o ne a se a balehile. Ha mohlankana wa sebohodi a phahamisa mahlo, a tadima, a bona batho ba bangata ba theosa letswapo, ba etla ka tsela e kamorao ho yena.


Davida o ne a dutse pakeng tsa dikgoro tse pedi tsa motse. Sebohodi sa hlwella lerakong, marulelong a hodima kgoro ya motse. Ha se phahamisa mahlo, se tadima, sa bona monna ya tlang a matha a le mong.


Adoniya a re: “O a tseba hore mmuso e ne e le wa ka, mme Baiseraele bohle ba ne ba lebeletse hore ke buse. Empa mmuso o ile wa mphonyoha, Morena a o nea moreso.


Yaba ba pana dikariki tse pedi tsa ntwa, kgosi ya ba romela lebothong la Baarame, ya re: “Eyang, le yo bona.”


Jwale Jehu a tswa, a ya ho bahlanka ba monga hae. E mong a re ho yena: “Molato keng? Lehlanya lee le tlile ho wena ka dife?” Jehu a re ho bona: “Le ntse le mo tseba, le dipuo tsa hae le a di tseba.”


Jehu a palama kariki ya hae ya ntwa, a ya Jesereele, moo Jorame a neng a ntse a ikokela teng. Akasiya, kgosi ya Juda, le yena o ne a theohetse Jesereele ho ya hlwela Jorame.


Yaba monna e mong o palama pere, o ya kgahlanyetsa Jehu, mme a fihla a re ho yena: “Kgosi e re: ‘Na le tla ka kgotso?’ ” Jehu a re: “O ntso re kgotso? Ntshale morao!” Sebohodi sa bua, sa re: “Moromuwa o fihlile ho bona, empa ha a bonahale ho kgutla.”


Yaba Jorame o roma monna wa bobedi ya palameng pere. Eo ha a fihla ho bona, a re: “Kgosi e re: ‘Na le tla ka kgotso?’ ” Jehu a re: “O ntso re kgotso? Ntshale morao!”


Balebedi ba Iseraele ba foufetse, ha ba na tsebo, ke ntja tsa dimumu, ha di tsebe ho bohola, di a robala, di bothe, di ithatela boroko.


“Ke beile balebedi hodima marako a hao, wena Jerusalema, ba ke keng ba kgutsa motsheare le bosiu: Lona ba rapelang Morena le se ke be la kgutsa,


Samuele a etsa seo Morena a mo laetseng sona, mme a fihla Betlelehema. Baholo ba motse oo ba mo kgahlanyetsa ba ntse ba thothomela, mme ba re: “Na o tlile ka kgotso?”


Davida a siya thoto ya hae matsohong a molebedi, a mathela thekong ya ntwa. Ha a fihla teng a dumedisa bana babo, a ba botsa bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ