Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 9:13 - BIBELE

13 Yaba banna bohle ba hlobola diaparo tsa bona ka potlako, ba mo alla tsona hodima mehato e nyolohang, ba letsa manaka, ba re: “Jehu ke kgosi!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba ba phakisa ba nka e mong le e mong kobo ya hae, ba di bea tlasa hae methating; ba letsa diterompeta, ba re: Jehu ke morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 9:13
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Abosalome a romela bahlohleletsi merabeng yohle ya Iseraele, a re: “Hanghang ha le utlwa modumo wa lenaka, le tle le re: ‘Abosalome o etswa kgosi kwana Heborone!’ ”


Kajeno o theohile, a ya etsa mahlabelo ka dipholo, le ka dinku, le ka manamane a nontshitsweng. O bile o memile bana bohle ba kgosi, le balaodi ba mabotho, le moprista Abiatare. Jwale ba ntse ba eja, ba enwa le yena, ba howa, ba re: ‘Kgosi Adoniya a ke a re phelele!’


Moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, ba mo tlotsetse hona teng, e be kgosi ya Baiseraele. Jwale le letse lenaka, le howe, le re: ‘Kgosi Solomone a ke a re phelele!’


Moprista Sadoke a nka lenaka la ole ka Tenteng, a tlotsa Solomone. Ba letsa lenaka, mme setjhaba sohle sa howa, sa re: “Kgosi Solomone a ke a re phelele!”


Jwale moprista Jehoyada a hlahisa mora wa kgosi, a mo rwesa mofapahlooho, a mo nea le Buka ya Molao. Yaba Jowashe o a tlotswa, o etswa kgosi. Setjhaba sa opa mahofi, sa re: “Kgosi e ke e re phelele!”


Ha a fihla, a bona kgosi e eme pela tshiya, ho latela moetlo, mahosana le baletsi ba diterompeta ba le pela kgosi, le setjhaba sohle se nyakaletse, se letsa diterompeta. Ataleya a hahola diaparo tsa hae, a howeletsa, a re: “Bohlabaphiyo! Bohlabaphiyo!”


Yaba ba re: “Ha re di tsebe. O ne a reng?” Jehu a re: “O buile dintho tse ngata, a ba a re: ‘Morena o bua tjena, o re: Ke o tlotsitse hore o be kgosi ya Iseraele.’ ”


ka diterompeta le ka modumo wa lenaka; etsetsang kgosi, Morena, mehoo le mo etsetse mehoo ya thabo.


Ha a ntse a tswela pele, batho ba ala diaparo tsa bona ka tseleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ