Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 8:8 - BIBELE

8 Kgosi ya re ho Hasaele: “Nka mpho, o yo e nea moporofeta eo wa Modimo, mme a mpotsetse Morena, hore na ke tla fola.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Morena a re ho Hasaele: Nka mpho, o ye, o kgahlanyetse monna wa Modimo, o botse Jehova ka yena, o re: Ana ke tla fola lefung lena na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 8:8
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Morena o re ho yena: “Ikgate mohlala, o ye lehwatateng la Damaseka. Ha o fihla teng, o tlotse Hasaele, e be kgosi ya Arame.


Ya tla phonyoha saboleng sa Hasaele, o tla bolawa ke Jehu, mme ya tla phonyoha saboleng ya Jehu, o tla bolawa ke Elisha.


Elia ha a fihla ho kgosi, a re: “Morena o buo tjena: ‘Kahobane o rometse maqosa ho ya disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone, jwalokaha eka naheng ena ya Iseraele ha ho na Modimo eo o ka mmotsang, o ke ke wa hlola o tsoha diphateng tsa hao; ke a o tiisetsa o tla shwa!’ ”


Kgosi Akasiya a wela a le lethuleng la fesetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a tswa kotsi e tshabehang. A roma maqosa, a re ho wona: “Tsamayang, le yo botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekerone, hore na ke tla fola.”


A re ho yona: “Monna e mong o ile a nyoloha, a re kgahlanyetsa tseleng, a re ho rona: ‘Kgutlelang ho kgosi e le rommeng, mme le re ho yona, Morena o bua tjena: Na Modimo ha a yo moo naheng ya Iseraele, ha e le moo o roma maqosa ho ya disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone? Ka baka lena, o ke ke wa hlola o tsoha diphateng tsa hao, hobane ke a o tiisetsa o tla shwa.’ ”


Kgosi ya Arame ya re: “Tsamaya, o ye hona teng, mme nna ke tla ngolla kgosi ya Iseraele.” Naamane a tsamaya a nkile silefera e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mararo le mashome a mane, le kgauta e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le mefuta e leshome ya diaparo tse ntle.


Jwale e mong a re ho yena: “Morena, na ba pholoswang ba tla ba mmalwana na?” A re ho bona:


A ba isa kantle, a re: “Benghadi, eka kgona ke etse eng hore ke tle ke pholoswe?”


Yaba Saule o re ho mohlanka wa hae: “Empa bona mona, haeba re eya teng, monna eo re tla mo nea eng? Ha ho sa na mofao mekotlaneng ya rona, mme ha ho mpho eo re tla e nea monna eo ya halalelang. Re na le eng?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ