Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 8:5 - BIBELE

5 Yare a sa ntsane a bolella kgosi kamoo Elisha a neng a tsose motho bafung kateng, mosadi eo mora wa hae a neng a tsoswe bafung a fihla, a ipeha ho kgosi, hore a buseletswe ntlo ya hae le tshimo ya hae. Yaba Gehasi o re: “Monga ka, kgosi ya ka, mosadi eo ke yena enwa, le enwa ke yena mora wa hae, eo Elisha a neng a mo tsose bafung.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yare a sa phetela morena kamoo a neng a tsositse mofu kateng, ha hlaha mosadi eo mora hae a tsositsweng, a tla rapela morena ka baka la ntlo ya hae le la masimo a hae. Gehasi a re: Oho, morena, monga ka, ke yena enwa mosadi le mora hae, eo Elisha a mo tsositseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 8:5
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a kgobokanya lebotho la hae. O ne a ena le dikgosi tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse nang le dipere le dikariki tsa ntwa. A nyoloha, a futuhela Samaria, a e etsetsa thibella.


Elisha a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Ako mpitsetse mosadi eo wa Moshuneme.” Ha a se a mmitsitse, mosadi eo a fihla a ema kapele ho Elisha.


Elisha a ema, a nna a tsamaya kahara ntlo. A boela a hlwella betheng, a paqama hodima ngwana, mme ngwana a thimola hasupa, yaba o a tutuboloha.


E mong wa bahlanka ba kgosi, a re: “Ha a yo, monga ka, kgosi ya ka! Ke Elisha, moporofeta wa Iseraele, ya bolellang kgosi ya Iseraele seo o se buang ka lekunutu.”


Ka tsatsi le leng ha kgosi e ntse e tsamaya hodima lerako la motse, mosadi e mong a e howeletsa, a re: “Monga ka, kgosi ya ka, nthuse hle!”


Ha kgosi e botsa mosadi eo, le yena a e bolella jwalo. Yaba kgosi e laela mohlanka e mong, e re ho yena: “Mmuseletse tsohle tseo e neng e le tsa hae, le tsohle tse ileng tsa kotulwa tshimong ya hae, ho qala mohla a neng a tloha naheng ena, ho fihlela jwale.”


Bo-Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle yohle ya hae, ba re ho yena: “A re hlomeng sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme hosasane o bue le kgosi hore Moredekai a fanyehwe ho sona, ebe jwale o ya moketeng le kgosi, ho ya ithabisa.” Taba ena ya kgahla Hamane, a ba a re ho hlongwe sefate seo ho fanyehwang batho ho sona.


Pesalema ya Davida. Thoko. Ke tla o tumisa, wena Modimo wa ka o leng Kgosi ya ka, ke boke lebitso la hao kamehla le mehla.


Motho o itherela tsela ya hae, empa ke Morena ya mo tataisang.


Ke bone ho hong hape mona lefatsheng: Ba lebelo hase bona ba siyang kamehla, dinatla hase tsona tse hlolang kamehla, ba bohlale hase bona ba tjhayang kamehla, ba masene hase bona ba ruang kamehla, bahlalefi ha ba dule tulo tse phahameng kamehla; menyetla e tlela bohle ka dinako tsa yona.


Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?


Ruthe a ya, a fihla a kgwahlapisa tshimong, a setse bakotudi morao. Ka lehlohonolo a kena tshimong eo e leng ya Boase, eo e neng e le wa morabe wabo Elimeleke.


Saule a tseba lentswe la Davida, yaba o re: “Davida, mora wa ka, na leo ke lentswe la hao?” Davida a re: “Ke lentswe la ka, monga ka, kgosi ya ka.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ