Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 8:4 - BIBELE

4 Kgosi e ne e ntse e buisana le Gehasi, mohlanka wa moporofeta wa Modimo, a re: “Ke a o rapela: Ako mpolelle dintho tsohle tse kgolo, tseo Elisha a di entseng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Morena o ne a buisana le Gehasi, mohlanka wa monna wa Modimo, a re ho yena: Ako mphetele tsohle tse kgolo tse entsweng ke Elisha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 8:4
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A nka sona seaparo seo sa Elia, se ileng sa wa, a phutla metsi ka sona, a re: “O hokae Morena Modimo wa Elia?” Elisha le yena ha a phutla metsi, metsi ao a arohana, mme a tshela.


A reteleha, a ba tadima, a ba rohaka ka lebitso la Morena. Dibere tse pedi tse tshehadi, tsa tswa morung, tsa harola ba mashome a mane a metso e mmedi ba bashanyana bao.


Elisha a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Ako mpitsetse mosadi eo wa Moshuneme.” Ha a se a mmitsitse, mosadi eo a fihla a ema kapele ho Elisha.


Yaba o a tsamaya, mme a fihla ho moporofeta wa Modimo, thabeng ya Karamele. Moporofeta wa Modimo a mmona a sa le hole, mme a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Bona mosadi wa Moshuneme ke yane!


Ka hona a theoha, a qwela hasupa ka nokeng ya Jorodane, ho ya ka polelo ya moporofeta wa Modimo. Nama ya hae ya boela ya hloma, ya tshwana le ya ngwana wa lesea, yaba o a fola.


Empa Elisha o ne a ntse a ituletse ka tlung ya hae, a ena le baholo ba setjhaba. Kgosi ya roma monna ho Elisha, ho e etella pele, empa yare monna eo a eso ka a fihla ho Elisha, yaba Elisha o re ho baholo ba setjhaba: “Na le bona kamoo monna eo wa mmolai a rometseng motho ho tla kgaola hlooho ya ka kateng? Bonang mona: E tle ere ha leqosa leo le fihla, le kwale monyako, le le kwalle kantle. Na hoo hase diqi tsa monga lona, ya ntseng a le setse morao?”


Moporofeta wa Modimo a re: “Se wetse hokae?” Eo a mmontsha moo se wetseng teng. Elisha a rema thupa, a e akgela hona moo, mme selepe sa phaphamala hodima metsi.


Yaba Elisha o re: “Mamela mantswe a Morena! O bua tjena: ‘Hosasane, ka yona nako ena, mono kgorong ya motse wa Samaria, dikilo tse tharo tse phofo e thumisehileng ya koro, di tla be di rekiswa tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong, le dikilo tse tsheletseng tsa phofo ya harese di rekiswe tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong.’ ”


Ke ha ba eya, ba fihla ba bitsa molebedi wa motse, ba mmolella, ba re: “Re ile ra fihla diahelong tsa Baarame, ra fumana ho se na motho, ho sa utlwahale le lentswe la motho, empa dipere tsona di ne di ntse di holehilwe, le ditonki di ntse di holehilwe, le ditente di setse di le jwalo.”


Ho ne ho ena le banna ba bane, ba tshwerweng ke lepera, ba dutse kgorong ya motse. Banna bao ba buisana, ba re: “Na re tla dula moo ho fihlela re eshwa?


Ha dilemo tse supileng di se di fetile, mosadi eo a kgutla naheng ya Bafilesita. A ya ipeha ho kgosi, hore a buseletswe ntlo ya hae le tshimo ya hae.


a nto ba romela Betlelehema, a re: “Eyang, le batlisise tsa ngwana ka hloko; ere ha le se le mo fumane, le ntsebise, le nna ke tle ke yo mo kgumamela.”


Jwale Heroda a thaba haholo ha a bona Jesu, hobane e ne e le kgale a lakatsa ho mmona. O ne a utlwile tsa hae, mme a tshepile ho bona mohlolo o etswang ke yena.


Empa Heroda a re: “Johanne ke mo kgaotse hlooho. Jwale enwa ke mang eo ke utlwang ho bolelwa tse jwalo ka yena?” Yaba o batla ho mmona.


A ba araba, a re: “Ke se ke le boleletse, mme ha le a ka la mamela; le rata ho utlwa hape ka baka lang? Na le lona le rata ho fetoha barutuwa ba hae?”


Kamora matsatsi a seng makae, Felekise a tla le mohatsa hae, Derusilla wa Mojuda, mme a bitsa Paulosi, a mo mamela ha a bolela tsa tumelo ho Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ