Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 8:16 - BIBELE

16 Ka selemo sa bohlano, sa puso ya Jorame, mora wa Akabe, kgosi ya Iseraele, Jehorame, mora wa Jehoshafate, kgosi ya Juda, a qala ho busa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka selemo sa bohlano sa Jorame, mora Akabe, morena wa Iseraele, [Josafate e le morena wa Juda,] Jorame, mora Josafate, morena wa Juda, a qala ho busa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 8:16
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehoshafate o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Asuba, moradi wa Shilehi.


Jehoshafate a phedisana ka kgotso le kgosi ya Iseraele.


Jehoshafate a shwa, a epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida, ntataemoholo. Mora wa hae, Jehorame, a mo hlahlama.


Ka selemo sa leshome le metso e supileng sa puso ya Jehoshafate, kgosi ya Juda, Akasiya, mora wa Akabe, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. O ile a busa naha ya Iseraele ka dilemo tse pedi.


Akasiya a shwa ho ya ka polelo eo Morena a neng a e bue ho Elia. Kaha Akasiya a ne a se na mora, Jorame, ngwanabo, a mo hlahlama, e le ka selemo sa bobedi sa puso ya Jehorame, mora wa Jehoshafate, kgosi ya Juda.


Empa Jehosheba, moradi wa kgosi Jehorame, kgaitsedi ya Akasiya, a nka Jowashe, mora wa Akasiya, a mo ntsha hara bara ba kgosi, ba neng ba lokela ho bolawa. A mo pholosa ho Ataleya, a mo pata kamoo ho bolokwang diphate kateng hammoho le mohodisi wa hae, mme yaba ha a bolawe.


Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya Jehoshafate, kgosi ya Juda, Jorame, mora wa Akabe, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse leshome le metso e mmedi.


Ka selemo sa leshome le metso e mmedi sa puso ya Jorame, mora wa Akabe, kgosi ya Iseraele, Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a qala ho busa.


Baahi ba Jerusalema ba bea Akasiya, mora wa Jehorame wa lethopo, hore e be kgosi, a hlahlame ntatae. Lebothwana le hlaselang, le neng le tlile le Maarabia, le ne le ile la bolaya bara bohle ba baholo ba Jehorame. Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a busa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ