Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 8:15 - BIBELE

15 Ka letsatsi le hlahlamang, Hasaele a nka lesela le morumo, a le ina metsing, a bipetsa Bene-Hadade ka lona, yaba wa shwa. Hasaele ya eba kgosi sebakeng sa Bene-Hadade.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Empa eitse ka hosasa, a tloha, a nka lesela le letenya, a le ina metsing, a mo pupetsa sefahleho ka lona; yaba o a shwa; mme Hasaele ya eba morena tulong tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 8:15
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Basha a bolaya Nadabe ka selemo sa boraro sa puso ya Asa, kgosi ya Juda, mme Basha a busa sebakeng sa hae.


Simeri a kena ka tlung eo, a hlaba Ela, a mmolaya, e le ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng Asa e le kgosi ya naha ya Juda. Simeri a hlahlama Ela.


Eitse ha Simeri a bona hore motse o se o hapilwe, a kena qhobosheaneng e kahare ho ntlo ya kgosi, a itjheseletsa kahara yona, a shwa.


Yaba Morena o re ho yena: “Ikgate mohlala, o ye lehwatateng la Damaseka. Ha o fihla teng, o tlotse Hasaele, e be kgosi ya Arame.


Peka, mora wa Remaleya, molaodi wa mabotho a hae, a ena le Aregobe le Are, le banna ba mashome a mahlano ba Bagileade, a mo rera, mme a mmolaela Samaria ka qhobosheaneng e kahare ho ntlo ya kgosi. Peka a mo hlahlama.


Hoshea, mora wa Ela, a rera Peka, mora wa Remaleya. A mo hlaba, a mmolaya, mme a ikgapela bokgosi. E ne e le ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Jotame, mora wa Usiya.


Elisha a re ho yena: “Tsamaya, o yo mmolella hore o ne a ka nna a fola; leha ho le jwalo, Morena o mpontshitse hore o tla shwa.”


Hasaele a re: “Ebe nna, mohlanka wa hao, ntja e tjee, nka etsa ntho e kgolo hakaalo?” Elisha a mo araba, a re: “Morena o mpontshitse hore wena o tla ba kgosi ya Arame.”


Bo-kgosi Akasiya le kgosi Jorame, mora wa Akabe, ba ya lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame, a le Rama e Gileade. Baarame ba ntsha Jorame dikotsi.


Jehu a hula seqha sa hae ka matla a hae kaofela, a fula Jorame pakeng tsa mahetla, motsu wa ba wa ya tswa pelong, mme a re sihla! ka kariking ya hae ya ntwa.


Mantswe a tswang molomong wa hae, ke mantswe a mabe, a thetsang; o tlohetse bohlale leha e le botle.


O madimabe hakaakang, wena motimetsi, wena o esong ho ka o timetswa! O madimabe hakaakang, wena lehlabaphiyo, wena o esong ho ka e ekwa! Ha o qeta ho timetsa, wena o tla timetswa, ha o kgaotsa ho eka, wena ba tla o eka.


Ho madimabe ba rerang bolotsana, ba nahanang bokgopo ba le diphateng tsa bona! Ha bosiu bo esa ba a bo phethathatsa, hobane ba na le matla a ho etsa jwalo.


Jwalokaha maele a baholoholo a bolela: ‘Bokgopo bo etswa ke ba kgopo,’ empa nna nke ke ka o isa letsoho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ