2 Marena 8:12 - BIBELE12 Yaba Hasaele o re: “O llelang, monga ka?” Elisha a araba, a re: “Ke hobane ke tseba sehloho seo o tla se etsetsa bana ba Iseraele. O tla tjhesa diqhobosheane tsa bona ka mollo, o bolaye bahlankana ba bona ka sabole. Masea a bona o tla a pshatlanya fatshe, baimana ba bona o ba phatlole dimpa.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)12 Hasaele a re: O llelang, monga ka? A re: Ke kahobane ke tseba tse mpe tseo o tla di etsetsa bana ba Iseraele; o tla tjhesa diqhobosheane tsa bona; bahlankana ba bona o tla ba harinya ka sabole, bana ba bona o ba batanye majweng, o petsole le basadi ba bona bao e leng baimana. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba Jowashe, kgosi ya Juda, o nka dintho tsohle tse halalelang, tseo bo-ntatae Jehoshafate, le Jehorame, le Akasiya, dikgosi tsa Juda, ba neng ba di abetse Morena; a nka le dintho tsa hae tsohle, tse halalelang, le kgauta yohle e neng e le ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka tlung ya kgosi, mme tsena a di romela ho Hasaele, kgosi ya Arame. Yaba Hasaele o tloha Jerusalema.