Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 8:11 - BIBELE

11 Moporofeta wa Modimo a sitlolela Hasaele mahlo, ho fihlela a ba a hlajwa ke dihlong, mme yaba moporofeta wa Modimo o a lla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Monna wa Modimo a ba a mo hlaba ka mahlo, a mo tjamela halelele; a ba a lla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 8:11
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o bokolla, hoo Baegepeta ba bileng ba utlwa, le ba lelapa la Faro ba ba ba utlwela taba eo.


Mehleng ya Peka, kgosi ya Iseraele, Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a futuha, mme a thopa batho ba Ione, le ba Abele-Bete-Maaka, le ba Janowa, le ba Kedeshe, le ba Hasore, le ba Gileade, le ba Galelea, le ba naha yohle ya Nafthali, a ba isa Asiria.


Ha ba ntse ba mo qopheletse, ho fihlela a be a hlajwa ke dihlong, a re: “Ba romeng!” Ka lebaka leo, ba roma banna ba mashome a mahlano. Ba mmatla ka matsasi a mararo, empa ba se ke ba mo fumana.


Marameng a ka ho keleketla dikeledi, hoba ha ho ya bolokang Molao wa hao.


Empa haeba le ke ke la mamela, ke tla llela boikgohomoso ba lona sephiring, mahlo a ka a keleketle dikeledi, hobane mohlape wa Morena o tla bo thopilwe.


“Ka baka leo, o tlo se bolelle mantswe ana: “ ‘Mahlo a ka a ke a keleketle dikeledi, di keleketle bosiu le motsheare, di keleketle di se ke tsa kgaotsa, hoba moradi wa morwetsana, e leng tjhaba sa ka, o qhemeditswe, a etswa ditsekana, maqeba a hae ha a ka ke a fola.


“Ke longwa ke mala! Ke longwa ke mala! Botebo ba pelo ya ka bo tletse mahlaba! Pelo ya ka e uba kahare ho nna; nke ke ka kgutsa, hobane ke utlwile modumo wa lenaka le mokgosi wa ntwa.


Hoja hlooho ya ka ke sediba sa metsi, mahlo a ka ebe ke mohlodi wa dikeledi, ke tle ke lle motsheare le bosiu, ke llele tjhaba sa heso se bolailweng.


Basadi bao ba potlake ba re llele, keledi di keleketle marameng a rona, kgapha di phorosele di etswa ntshing tsa rona.


Ha a ntse a atamela, a bona motse, a o llela,


ke sebeletsa Morena ka boikokobetso bohle le ka meokgo, le hara meleko e ileng ya ntlhahela ka baka la maraba a Bajuda.


Ka baka leo, fadimehang, le nne le hopole hore, ka lemo tse tharo, ha ke a ka ka phetsa ho eletsa e mong le e mong ka meokgo motsheare le bosiu.


hore ka pelong ya ka ke na le maswabi a maholo le bohloko bo sa kgaotseng.


Jwalokaha ke le boleletse ka makgetlo, ke boetse ke pheta hape ka dikgapha, ke re: Ba bangata ba se ba phela e le dira tsa sefapano sa Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ