2 Marena 7:8 - BIBELE8 Ha balepera bana ba fihla qetheng ya diahelo, ba kena ka tenteng e nngwe; ba fihla ba eja, ba enwa, ba nka silefera, le kgauta, le diaparo, ba tsamaya, ba ya pata dintho tsena. Ba kgutlela diahelong hape, ba kena ka tenteng e nngwe hape, le teng ba thotha, ba ya pata. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)8 Balepera bao ha ba fihla qalong ya diahelo, ba kena tenteng e nngwe, ba eja, ba enwa, ba nka teng silefera le kgauta le diaparo, ba ya di pata; ba boya, ba kena tenteng e nngwe, ba nka tsa teng, ba ya di pata. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
E ile yare ha ke bona seaparo se setlesetle hara kgapo e tswang Shinare, le silefera e ka etsang boima ba dikilo tse pedi, le setene sa kgauta se ka etsang boima ba halofo ya kilo, ka di tswela pelo, yaba ke a di nka. Ke di epetse fatshe, bohareng ba tente ya ka. Silefera e aleditse katlase ho tsona.”