Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 7:7 - BIBELE

7 Ka baka leo, ha shwalane e tshwara, ba baleha, ba siya ditente tsa bona, le dipere tsa bona, le ditonki tsa bona hona moo. Diahelo tsa sala di ntse di le jwalo, ba baleha hore ba ipholose.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ebile ba tloha, ba baleha ka shwalane, ba siya ditente tsa bona, le mapere a bona, le maesele a bona, kamoo diahelo di neng di le kateng, ba baleha ba re, ba pholosa bophelo ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 7:7
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kariki ya ntwa e ne e rekwa Egepta ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse supileng, pere yona e le kilo le halofo. Bahwebi ba ne ba di rekisetsa dikgosi tsa Bahete le dikgosi tsa Baarame.


Mohlabani ka mong a bolaya wa hae. Baarame ba baleha, mme Baiseraele ba ba phaladisa. Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a lwabela pere, a baleha le bahlabani ba palameng dipere.


Matshabeho a lefu a mo tshosa kahohle, hohle moo a yang teng a mo salame.


Ke lefeela ho tshepa ho pholoswa ke pere ya ntwa, e ke ke ya pholosa motho ka matlahadi a yona.


Morena a ntsha taelo, letshwele la basadi la tlisa molaetsa o reng:


Pelo ya kgosi e ka atleng tsa Morena, o e isa moo a ratang sa metsi a molatswana.


Ya kgopo o baleha a sa phaladiswe ke motho, ba lokileng bona ba sebete jwaloka tau.


Ipholose sa tshepe matsohong a setsomi, ipholose sa nonyana rabeng la motshwasi wa yona.


Mohlang oo medingwana ya bohata ya silefera, le ya kgauta, eo batho ba e etseditseng ho e kgumamela, ba tla e akgella dikgwiti le bo-mmankgane.


E bile hore ka ketso tseo tse pedi, tse ke keng tsa fetoha, tseo ka tsona Modimo a ke keng a thetsa, rona ba tshabetseng ho yena re kgothale ka matla, ho itshwarella tshepong eo re e neilweng.


Monna e mong le e mong a ema thekong ya hae ho potapota diahelo. Mabotho wohle a ba direng a ne a matha, a howeletsa, a ntse a baleha.


Diahelong, le hara naha, le hara setjhaba sohle, ha thothomelwa; bahlabani ba laletseng, le batho ba tlilo senya, le bona ba thothomela. Lefatshe la reketla, mme batho ba kenwa ke tshabo e kgolo e bakwang ke Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ