Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 7:6 - BIBELE

6 Morena o ne a ile a etsa hore lebotho la Baarame le utlwe eka ho na le lerata la dikariki tsa ntwa, le lekitikiti la dipere, le modumo wa lebotho le leholo. Ke ha ba buisana, ba re: “Bonang, kgosi ya Iseraele e hirile dikgosi tsa Bahete le dikgosi tsa Baegepeta ho tla re lwantsha.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hobane Morena o ne a utlwisitse makgotla a Siria modumo wa makoloi, le modumo wa dipere, le modumo wa bahlabani ba bangata, ba ba ba bolellana, ba re: Bonang, morena wa Iseraele o re memetse marena a Bahethe le marena a Baegepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 7:6
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, ba ya hira Baarame ba ahileng Bete-Rehobe, le ba ahileng Soba. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Kgosi ya Maaka yona e ne e ena le banna ba sekete, ha banna ba Tobe bona ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi.


Etlare ha o utlwa leswahlaswahla hodima difate tsa monokotshwai, ebe o a futuha, hobane Morena o tla be a o eteletse pele ho ya bolaya lebotho la Bafilesita.”


Kariki ya ntwa e ne e rekwa Egepta ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse supileng, pere yona e le kilo le halofo. Bahwebi ba ne ba di rekisetsa dikgosi tsa Bahete le dikgosi tsa Baarame.


Mohlabani ka mong a bolaya wa hae. Baarame ba baleha, mme Baiseraele ba ba phaladisa. Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a lwabela pere, a baleha le bahlabani ba palameng dipere.


Kgosi eo e tla utlwa taba tsa bo-fuufu, e ferekane, ebe e kgutlela naheng ya yona, moo e tla bolaelwa teng ka sabole.’ ”


Ka shwalane banna bao ba ema, ba ya diahelong tsa Baarame. Ha ba fihla qetheng ya diahelo tsa Baarame, ba fumana ho se na motho.


Tsebe tsa hae di tlala medumo e tshosang, haeka tsohle di ya hantle batupi ba mo hlasele.


Jwale ba tla tshoha haholo, ba tshohe, hobane Modimo o ka thekong, ya moloko o lokileng.


Ho madimabe ba yang Egepeta ho kopa thuso, ba tshepileng dipere le boiyane ba kariki tsa ntwa, le bapalami ba dipere hobane e le dinatla, empa ba sa natse Ya Halalelang wa Iseraele, ba sa ipiletse ho Morena ho batla thuso.


Haeba o tshepile hore Egepeta e tla o nea dikariki tsa ntwa le bapalami, ebe o ka tseba ho phekgola molaodi leha a le mong feela wa bahlanka ba eisehang ba monga ka?


Bahlabani ba hirilweng ke Egepeta, ba ka manamane a nontshitsweng; le bona ba tla phekgoha, ba balehe kaofela, ha ba ka ke ba tseba ho ema senna, hobane tsatsi la koduwa le ba fihletse, ba fihletswe ke nako ya bona, nako ya ho ahlolwa.


Ha dibopuwa tsena di tsamaya, ka utlwa modumo wa mapheo a tsona, o kang modumo wa metsi a hwasang, o kang wa lentswe la ya Matla wohle, o kang wa lerata la lebotho le leholo. Ha di ema, di ne di phutha mapheo a tsona.


Modumo wa mapheo a dikerubime o ne o utlwahala ho ya fihla lebaleng le kantle, o tshwana le lentswe la Modimo ya matla wohle ha a bua.


Di ne di ena le ho kang tshepe e di sireletsang difuba, mme lerata la mapheo a tsona le ne le ka lerata la dikariki tse hulwang ke dipere tse ngata, tse mathelang ntweng.


Monna e mong le e mong a ema thekong ya hae ho potapota diahelo. Mabotho wohle a ba direng a ne a matha, a howeletsa, a ntse a baleha.


Diahelong, le hara naha, le hara setjhaba sohle, ha thothomelwa; bahlabani ba laletseng, le batho ba tlilo senya, le bona ba thothomela. Lefatshe la reketla, mme batho ba kenwa ke tshabo e kgolo e bakwang ke Modimo.


Jwale Davida a botsa Ahimeleke wa Mohete, le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe, a re: “Ke mang ya tla theohela le nna diahelong tsa Saule?” Yaba Abishai o re: “Ke tla theohela le wena.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ