Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 7:15 - BIBELE

15 Ba ba sala morao ho ya fihla Jorodane. Ba fumana diaparo, le dijana tseo Baarame ba ileng ba di lahla ha ba baleha, di entse mohoula tseleng. Maqosa a kgutla, a fihla a bolella kgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ba ya, ba ba latela ho ya fihla Jordane, ba bona tsela yohle e tletse diaparo le mesebetsi eo Basiria ba neng ba e lahlile ke ho potlaka. Mme manqosa a kgutla, a tsebisa morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 7:15
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba pana dikariki tse pedi tsa ntwa, kgosi ya ba romela lebothong la Baarame, ya re: “Eyang, le yo bona.”


Yaba setjhaba se tswa motseng, se ya hahara tse ka ditenteng tsa Baarame. Ka baka lena, dikilo tse tharo tsa phofo e thumisehileng ya koro, tsa rekiswa tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong, le dikilo tse tsheletseng tsa phofo ya harese tsa rekiswa tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong, jwalokaha Morena a ne a ile a bolela.


Ba ba qhatsetsa dino ka dinwelong tsa mefutafuta tsa kgauta le tsa silefera. Veine ya kgosi e ne e le ngata haholo, ho ya kamoo kgosi e neng e fana kateng.


Satane a araba Morena, a re: “Letlalo ke thebe ya pelo! Motho a ka tela tsohle tseo a nang le tsona, hore a ipholose.


nako ya ho batla le nako ya ho tela, nako ya ho boloka le nako ya ho lahla;


Le tla etsang mohla tsatsi la kahlolo, le la timelo e tla tla e etswa hole? Thuso le tla ya e kopa ho mang? Maruo a lona le a siye hokae?


Mohlang oo medingwana ya bohata ya silefera, le ya kgauta, eo batho ba e etseditseng ho e kgumamela, ba tla e akgella dikgwiti le bo-mmankgane.


Tlotla yohle ya lapa labo e tla ba hodima hae; ya ditloholo le ya ditloholwana, ya dijana tsohle tse nyenyane, le ya dipitsa tsohle tsa mepotjwana.


Ka letsatsi leo, e mong le e mong o tla furalla medimo ya hae ya bohata, ya silefera le ya kgauta, eo a iketseditseng yona ka matsoho a hae a boetsadibe.


Furallang ditshito tsa lona tsohle tseo le sitilweng ka tsona, le be le pelo e ntjha le moya o motjha. Ke hobaneng ha le rata ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?


Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?


Ha e le mona re aparetswe ke leru la dipaki le lekanakana, le rona a re lahleng tsohle tse re sitisang, le sebe se re kgomaretseng, mme re mathe ka tiisetso peisong eo re e beetsweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ