Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 7:10 - BIBELE

10 Ke ha ba eya, ba fihla ba bitsa molebedi wa motse, ba mmolella, ba re: “Re ile ra fihla diahelong tsa Baarame, ra fumana ho se na motho, ho sa utlwahale le lentswe la motho, empa dipere tsona di ne di ntse di holehilwe, le ditonki di ntse di holehilwe, le ditente di setse di le jwalo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ba ya, ba memetsa balebedi ba kgoro ya motse, ba re: Re be re ile diahelong tsa Basiria; ra fumana ho se motho teng, ho se lentswe la motho, empa e le dipere tse holehilweng, le diesele tse holehilweng, le ditente jwalokaha di be di dutse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 7:10
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sebohodi sa boela sa bona monna e mong ya tlang a matha, yaba se howeletsa molebedi wa kgoro, se re: “Monna e mong hape ke yane a etla a matha a le mong!” Yaba kgosi e re: “Le yena o tlisa ditaba tse monate.”


Molebedi eo a bitsa balebedi ba bang, mme ba ya bolella lelapa la kgosi.


Yaba ba a buisana, ba re: “Kwana ha re etse hantle. Letsatsi lena ke letsatsi la ditaba tse monate, empa ha re eso bolelle motho. Haeba re ka dieha ho bolela, bosiu ba ba ba esa, re tla hlahelwa ke tsietsi. Ka baka lena, a re yeng, re yo bolella ba lelapa la kgosi.”


Ba ba hlahlamang ka boemo ya eba Sekariya, le Jaasiele, le Shemiramote, le Jeiele, le Uni, le Eliabe, le Benaya, le Maasiya, le Matiteya, le Elefelehu, le Mikeniya, le Obede-Edomo, le Jeiele, e leng balebedi ba monyako.


A bea Obede-Edomo le bana babo ba mashome a tsheletseng a metso e robedi hore ba ba thuse. Bo-Obede-Edomo, mora wa Jedutune, le Hosa ya eba balebedi ba monyako.


A bea balebedi menyakong ya Tempele ya Morena, e le hore mang kapa mang ya sesila a se ke a kena ka ho yona.


Pesalema ya Solomone. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Haeba e se Morena ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lelea. Haeba e se Morena ya lebelang motse, ya o lebelang o fadimehela lefeela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ