Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 6:8 - BIBELE

8 Ha kgosi ya Arame e ntse e lwantshana le Baiseraele, yaba e eletsana le bahlanka ba yona, e re: “Ke tla hloma diahelo tsa ka sebakeng se itseng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Morena wa Siria o ne a lwana le Baiseraele. A etsa morero le bahlanka ba hae, a re: Makgotla a ka a tla ya emisa bakeng se itseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 6:8
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a kgobokanya lebotho la hae. O ne a ena le dikgosi tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse nang le dipere le dikariki tsa ntwa. A nyoloha, a futuhela Samaria, a e etsetsa thibella.


Bahlanka ba kgosi ya Arame ba re ho yona: “Modimo wa bona ke modimo wa dithaba, ke kahoo ba ileng ba re hlola, empa ha re ka ba lwantshetsa diphuleng, ruri re tla ba hlola.


Jwale Bene-Hadade a re ho kgosi ya Iseraele: “Ke tla o buseletsa metse yohle eo ntate a neng a e hape ho ntatao, mme o ka iketsetsa dibaka tsa kgwebo Damaseka, jwalokaha ntate le yena a ne a di etse Samaria.” Akabe a re: “Ke tla o lokolla ha re ka etsa selekane.” Yaba ba etsa selekane le yena, a nto mo lokolla.


Ka dilemo tse tharo kgotso ya eba teng pakeng tsa Arame le Iseraele.


Kgosi ya Arame ya laela balaodi ba yona ba dikariki tsa ntwa ba mashome a mararo a metso e mmedi, ya re: “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe, haese kgosi ya Iseraele feela.”


Kamora tsena, Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a kgobokanya mabotho wohle a hae, a nyoloha, a fihla a etsetsa Samaria thibella.


Yaba Elisha o re: “Se nke!” Monna eo a nanabetsa letsoho, a se nka.


Jwale moporofeta wa Modimo a ya ho kgosi ya Iseraele, a re: “Hlokomela, o se ke wa feta sebakeng se itseng, hobane Baarame ba tla theoha le hona moo.”


Rala merero ya hao ka ho batla keletso, ntwa o e lwane o se o fumane keletso.


Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate.


Le ka rala merero ya lona, empa e tla nyopa; le ka bua haholo, ho ke ke ha phethahala letho, hobane Modimo o na le rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ