Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 6:26 - BIBELE

26 Ka tsatsi le leng ha kgosi e ntse e tsamaya hodima lerako la motse, mosadi e mong a e howeletsa, a re: “Monga ka, kgosi ya ka, nthuse hle!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Morena wa Iseraele, ha a tsamaya hodima lerako, mosadi a howeletsa ho yena, a re: Mpholose, morena, monga ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 6:26
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha naha yohle ya Egepeta e se e lapa, setjhaba sa llela Faro hore a se fe dijo, mme Faro a re ho Baegepeta bohle: “Eyang ho Josefa, le etse seo a le bolellang sona.”


Mosadi enwa wa Tekowa a ya bua le kgosi. Ha a fihla a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re: “Oho, kgosi, nthuse!”


Tlala e kgolo ya eba teng moo Samaria. Ba thibella Samaria ho fihlela ha hlooho ya tonki e ba e rekiswa silefera e etsang boima ba kilo, mme moroho o bitswang masepa a leeba, o etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi, o rekiswa silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano a metso e mehlano.


Kgosi ya re: “Haeba Morena a sa o thuse, nna nka o thusa ka eng? Ha ke na koro kapa veine!”


Le tla etsang mohla tsatsi la kahlolo, le la timelo e tla tla e etswa hole? Thuso le tla ya e kopa ho mang? Maruo a lona le a siye hokae?


Ho ne ho ena le mosadi wa mohlolohadi motseng oo, mme o ne a ye a tle ho yena, a re: ‘Nkahlolele ho ya ntsekisang.’


Ba howa, ba re: “Banna ba Iseraele, thusang! Monna enwa ke yena ya rutang batho bohle, kahohle, thuto e lwantshanang le setjhaba, Molao le Nqalo ena; ebile o kentse Bagerike ka Tempeleng, o silafaditse Nqalo ena e halalelang.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ