Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 6:23 - BIBELE

23 Kgosi ya ba etsetsa mokete o moholo wa dijo. Ha ba se ba jele, ba nwele, ya re ba tsamaye, mme ba kgutlela ho monga bona. Yaba mara a Arame ha a sa hlola a futuhela naha ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Yaba o ba etsetsa dijo tse ngata, ba eja, ba enwa; a ntoo ba kgutlisa, mme ba ikela ho morena wa bona. Mme makgotla a Siria ha a ka a hlola a kena naheng ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 6:23
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Morena a neella Jehoyakime ka mabothwana a Bakalatiya, le a Baarame, le a Bamoabe, le a Baamone; a a romela Juda, ho ya e timetsa, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka bahlanka ba hae, baporofeta.


Baarame ba ne ba ile ba futuha ka mabothwana a bona, ba tla ba thopile morwetsanyana wa Moiseraele, mme ya eba yena ya sebeletsang mohatsa Naamane.


Banna ba ileng ba thonngwa ka mabitso ba ema, ba nka bathopuwa. Ka thepa e hapilweng ba apesa bohle ba neng ba hlobotse; ba ba apesa, ba ba rwesa dieta, ba ba fepa, ba ba fa se nowang, ba ba tlotsa ka ole. Ba fokolang ba bona ba ba palamisa ditonki, ba ba isa Jeriko, motseng wa dipalema, ho bana babo bona, ba nto kgutlela Samaria.


O fedisa dintwa ho isa pheletsong tsa lefatshe; o robakanya diqha, a pome marumo, a tjhese dithebe mollong, a re:


Le teng haeba le dumedisa bana babo lona feela, le feta ba bang ka eng? Ana bahedene le bona ha ba etse jwalo na?


Empa ratang dira tsa lona, le di etse hantle, le adimane le sa lebelle ho buseletswa letho. Moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo, hobane yena o molemo ho ba hlokang teboho le ho ba kgopo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ