Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 6:15 - BIBELE

15 Ha mohlanka wa moporofeta wa Modimo a tsoha e sa le ka matjeke, a etswa ka tlung, a bona lebotho la bahlabani ba dipere, le ba dikariki, le etseditse motse sakana-la-nkope. Mohlanka enwa a re ho moporofeta: “A rona bale, monga ka! Re tla etsa jwang?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mohlanka wa monna wa Modimo, ha a tsoha e sa le hosasa, a tswela ntle, a bona lekgotla le teetseng motse hare, le dipere, le makoloi. Mohlanka wa Elisha a re ho yena: Jo! monga ka, re tla etsa jwang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 6:15
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Elisha o a kgutla, o nka dipholo tsa hae tsa sepane, o a di hlaba. A besa mollo ka dijoko, a pheha nama ya dipholo, a e fa batho, yaba ba a ja. Jwale yena a tsamaya, a sala Elia morao, mme a mo sebeletsa.


Jwale Jehoshafate a re: “Na moporofeta wa Morena ha a yo moo, eo re ka reng a re botsete ho Morena?” E mong wa bahlanka ba kgosi ya Iseraele a araba, a re: “Elisha, mora wa Shafate, o teng mona. Ke yena eo e neng e le mosebeletsi wa Elia.”


Jwale Gehasi, mohlanka wa Elisha, moporofeta wa Modimo, a re: “Monga ka o hauhetse Naamane enwa wa Moarame, ka ho hana ho amohela seo a neng a tlile le sona. Empa ka Morena ya phelang, ke tla matha kamora hae, ke yo nka ho hong ho yena.”


Ka lebaka lena, lepera la Naamane le tla o kgomarela, le kgomarele le ditloholo tsa hao kamehla yohle.” A tloha kapele ho Elisha e le molepera, a le mosweu jwaloka lehlwa.


Ka baka lena, kgosi ya ntsha dipere, le dikariki tsa ntwa, le lebotho le leholo. La fihla motseng oo wa Dotane e le bosiu, la o etsetsa sakana-la-nkope.


Moporofeta a mo araba, a re: “O se ke wa tshaba. Ba ka lehlakoreng la rona ba bangata ho feta ba ka lehlakoreng la bona.”


Empa yare ha e mong a ntse a ratha sefate, selepe sa pshemoha mofenng, sa wela ka metsing. Eo a howa, a re: “A nna elwa, monga ka! Selepe sena se ne se adimilwe!”


Oho, Modimo wa rona, ako ba ahlole! Re hloka matla a ho lwantsha lebothohadi lena le re futuhetseng. Ha re tsebe le seo re ka se etsang, empa rona re tshepile wena.”


Na baa bohle ha ba na tsebo, baa ba etsang tse sa lokang baa ba itjellang setjhaba sa ka, jwalokaha ba eja bohobe, ba sa ipiletse ho Modimo?


Moshe a tsamaya le lehlahana la hae, Joshua, mme Moshe a nyolohela thabeng ya Modimo.


A re ho bona: “Le boi keng, lona ba tumelo e fokolang?” A tsoha, a kgalemela meya le letsha, mme ha kgutsa tu!


Yare ha ba fihla Salamise, ba phatlalatsa lentswe la Modimo matlung a thapelo a Bajuda. Ba ne ba ena le Johanne, e le mothusi wa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ