Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 6:14 - BIBELE

14 Ka baka lena, kgosi ya ntsha dipere, le dikariki tsa ntwa, le lebotho le leholo. La fihla motseng oo wa Dotane e le bosiu, la o etsetsa sakana-la-nkope.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba o romela dipere teng, le makoloi, le lekgotla le leholo; ba tsamaya le bosiu, ba ya teela motse hare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 6:14
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale kgosi ya Asiria ya romela lebotho le leholo, le tlohang Lakishe, ho ya futuhela kgosi Hesekiya, a le Jerusalema. Lebotho leo le ne le tswile le mookamedi wa balaodi, le molaodi wa mabotho, le molaodi wa ntwa. Ba nyolohela Jerusalema, ba fihla ba emisa moseleng wa letshana le kahodimo, pela mmila o yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela.


Kgosi ya re: “Tsamayang, le yo batla hore na o hokae, ke tle ke yo mo tshwara!” Kgosi ya bolellwa, ha thwe: “O motseng wa Dotane.”


Ha mohlanka wa moporofeta wa Modimo a tsoha e sa le ka matjeke, a etswa ka tlung, a bona lebotho la bahlabani ba dipere, le ba dikariki, le etseditse motse sakana-la-nkope. Mohlanka enwa a re ho moporofeta: “A rona bale, monga ka! Re tla etsa jwang?”


Yare a sa bua, Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a fihla a ena le letshwelehadi le tshwereng disabole le dikoto, le etswa ho baprista ba baholo le baholo ba setjhaba.


Ka yona nako eo Jesu a re ho matshwele: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ho ntshwara ka disabole le dikoto tjee? Ke nnile ka ruta ka Tempeleng ka matsatsi wohle, empa ha le a ka la ntshwara.


“Etlare ha le bona Jerusalema e teelwa hare ke mabotho, le tsebe hore ho ripitlwa ha yona ho atametse.


Saule le banna ba hae ba pota thaba ka nqena, Davida le banna ba hae bona ba e pota ka nqane. Ka baka la ho tshaba Saule, Davida le banna ba hae ba baleha ka potlako, hobane Saule le banna ba hae ba ne ba leka ho kopela Davida le banna ba hae hare, hore ba tle ba ba tshware.


Saule a nka mokgetho wa banna ba dikete tse tharo setjhabeng sohle sa Iseraele, a tsamaya ho ya batla Davida le banna ba hae Mafikeng a Dipodi tsa Naha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ