Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 6:10 - BIBELE

10 Kgosi ya Iseraele ya romela molaetsa ho baahi ba sebaka seo, seo moporofeta wa Modimo a mmoleletseng sona, hore ba dule ba itebetse, kgosi e tle e pholohe. Hona ho ile ha etsahala ka makgetlo a mangata, e seng hanngwe kapa habedi feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Morena wa Iseraele a romela bakeng seo a se boleletsweng ke monna wa Modimo, seo a se supisitsweng hore a se tshabe. Mme hoo ha hlaha e seng hang, leha e le habedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 6:10
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Akabe a bala bahlanka ba mahosana a ditereke, mme a fumana ba le makgolo a mabedi le mashome a mararo a metso e mmedi. Kamorao ho moo a bala bahlabani bohle ba bana ba Iseraele, mme bona ya eba dikete tse supileng.


Elisha o ne a kulela lefu. Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o theohela ho yena; ha a ntse a lla, meokgo ya hae ya keleketlela hodima sefahleho sa Elisha, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!”


Ha Elisha a bona hona a howeletsa, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!” Yare ha a se a sa mmone, a tshwara diaparo tsa hae, a di tabola ka lehare.


Ka hona a theoha, a qwela hasupa ka nokeng ya Jorodane, ho ya ka polelo ya moporofeta wa Modimo. Nama ya hae ya boela ya hloma, ya tshwana le ya ngwana wa lesea, yaba o a fola.


Ka baka lena, ntho ena ya tshwenya kgosi ya Arame haholo; yaba e bitsa bahlanka ba yona, e re ho bona: “Mpolelleng hore na ke ofe, hara rona, ya ka lehlakoreng la kgosi ya Iseraele!”


Jwale moporofeta wa Modimo a ya ho kgosi ya Iseraele, a re: “Hlokomela, o se ke wa feta sebakeng se itseng, hobane Baarame ba tla theoha le hona moo.”


Ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba ya lehwatateng la Tekowa. Ha ba ntse ba tsamaya, Jehoshafate a ema, a re: “Lona baahi ba Juda, le lona baahi ba Jerusalema, mmameleng! Tshepang Morena Modimo wa lona, mme le ke ke la sisinyeha. Tshepang baporofeta ba hae, mme le tla atleha.”


Ya sedi o elellwa kotsi, a batle setshabelo, empa ya se nang tsebo o tlatselaka feela, a wele kotsing.


Morena o ile a mpolella, mme ka tseba; a ntshenolela merero ya bona.


Hoba ba lemoswe torong hore ba se ke ba boela ho Heroda, ba kgutlela naheng ya habo bona ka tsela esele.


Empa ha a bona Bafarisi le Basaduke ba bangata ba etla ho kolobetswa, a re ho bona: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang?


la re: ‘Paulosi, o se ke wa tshaba; o loketse ho ya hlaha kapele ho Sesare, mme ka baka la hao, Modimo o tla pholosa bohle ba tsamayang le wena ka sekepe.’


Ka tumelo eitse hoba Modimo a mo tsebise tse esong ho bonwe, Nowe a ba hlokolosi, mme a haha areka, hore a tle a pholoswe le ba lelapa la hae. Ka ho dumela ha hae o ile a ahlola lefatshe, a ba a ja lefa la ho loka ho fumanwang ka tumelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ