2 Marena 6:1 - BIBELE1 Sehlopha sa baporofeta sa re ho Elisha: “Bona mona, sebaka seo rona le wena re phelang ho sona ha se re lekane. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)1 Bara ba baporofeta ba re ho Elisha: Bona, nqala eo, eo re ahileng ho yona pela hao e nyenyane. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Mosadi e mong, eo monna wa hae e neng e le e mong wa sehlopha sa baporofeta, a fihla ho Elisha, a re: “Mohlanka wa hao, e leng monna wa ka, o shwele. O a tseba hore mohlanka eo wa hao o ne a hlompha Morena. Jwale motho eo monna wa ka a neng a nkile molato ho yena, o tlile ho tla nka bara ba ka ba babedi, ho ya ba etsa makgoba a hae.”