Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 5:5 - BIBELE

5 Kgosi ya Arame ya re: “Tsamaya, o ye hona teng, mme nna ke tla ngolla kgosi ya Iseraele.” Naamane a tsamaya a nkile silefera e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mararo le mashome a mane, le kgauta e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le mefuta e leshome ya diaparo tse ntle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Morena wa Siria a re: Tloha, o tsamaye, ke o rome ka lengolo ho morena wa Iseraele. Yaba o tloha, a nkile ditalenta tse leshome tsa silefera, le ditjhelete tse dikete tse tsheletseng tsa kgauta, le diaparo tse leshome tsa mokete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 5:5
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba buisana, ba re: “Tloong, re etseng setene, re se bese, se butswe hantle.” Bakeng sa majwe ba sebedisa setene, bakeng sa seretse ba sebedisa boka.


A re theoheleng fatshe he, re ferekanye puo ya bona, ba se ke ba utlwana ha ba bua.”


Bohle a ba nea diaparo tse ntjha, empa Benjamine yena a mo nea silefera e ka etsang boima ba dikilo tse tharo le halofo, le mefuta e mehlano ya diaparo tse ntjha.


Jwale kgosi ya re ho moporofeta wa Modimo: “A re ye le wena ha ka, o yo ja, mme ke tla o putsa.”


Kgosi ya Iseraele ya re ho bahlanka ba yona: “Na le a tseba hore Rama e Gileade ke ya rona, empa re kgutsitse, ha re e amohe kgosi ya Arame?”


Monna e mong a fihla, a etswa Baale-Shalesha, a tliseditse moporofeta wa Modimo bohobe ba dilopotsiya, e le dinkgwa tsa harese tse mashome a mabedi, le diako tsa koro, a di kentse kahara seroto sa hae. Elisha a re: “Di fe batho bana, ba je.”


Naamane a kena ka ho monga hae, a mmolella, a re: “Morwetsanyana enwa ya tswang naheng ya Iseraele o bua tjena.”


A tlisetsa kgosi ya Iseraele lengolo le reng: “Ha lengolo lena le fihla ho wena, tseba hore ke rometse Naamane, mohlanka wa ka, ho wena, hore o mo fodise lepera leo la hae.”


Mpho e betlela mofani tsela, e mmee kapele ho mahosi a hae.


Ka bua ka pelo, ka re: “Ke tla leka ho itukubetsa hara menyaka, ke ithabise.” Empa ka fumana hore le hona e ntse le lefeela.


Ke tla le bolella seo ke tla se etsa, ke se etse tshimong ya ka ya morara: Motero wa yona ke tla o tlosa e fetohe lekgulo, mabota a yona ke a heletse, a hatakelwe ka maoto.


Baholo ba Moabe le baholo ba Midiane ba tloha ba nkile tjhelete ya bonohe. Ba fihla ho Bileame, mme ba mo phetela molaetsa wa Balake.


Mamelang, lona ba reng: “Kajeno kapa hosasane re tla ya motseng o itseng, moo re tla hlola teng selemo sohle, re hwebe, re tle re rue.”


Samosone a re ho bona: “Ke a le lotha. Ha le ka la ntlhalosetsa selotho sena matsatsi a supileng a mokete a eso fete, mme la se nepa, ke tla le nea dihempe tse mashome a mararo tse entsweng ka lesela la lene, le diaparo tse mashome a mararo tsa mokgabo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ