Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 5:3 - BIBELE

3 Morwetsanyana a re ho mofumahadi wa hae: “Ha monga ka a ne a ka ya ho moporofeta ya phelang Samaria, o ne a tla mo fodisa lepera lena la hae.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Eo a re ho mofumahadi wa hae: Hoja monga ka a ka itlhahisa ho moporofeta ya leng Samaria, o ba a ka mo fodisa lepera la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 5:3
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baarame ba ne ba ile ba futuha ka mabothwana a bona, ba tla ba thopile morwetsanyana wa Moiseraele, mme ya eba yena ya sebeletsang mohatsa Naamane.


Naamane a kena ka ho monga hae, a mmolella, a re: “Morwetsanyana enwa ya tswang naheng ya Iseraele o bua tjena.”


Yare ha Elisha a utlwa hore kgosi ya Iseraele e hahotse diaparo tsa yona, a romela molaetsa ho yona, a re: “Ke ka baka lang ha o hahotse diaparo tsa hao? Ere motho eo a tle ho nna mona hona jwale, mme o tla tseba hore ho na le moporofeta naheng ena ya Iseraele.”


Empa Moshe a re ho yena: “Na o ntjhwela mona? Eka batho bohle ba Morena e ka be e le baporofeta, Morena a theolele Moya wa hae hodima bona.”


Difofu di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, botsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo.


Paulosi a re: “Leha e ka ba habonolo kapa hathata, ke rapela Modimo hore e se be wena feela, empa le bohle ba nkutlwang kajeno ba be seo ke leng sona, re fapane feela ka mahlaahlela ana.”


Le se le ena le tsohle! Le se le ruile! Le renne le le bang! Hoja le fela le rena, le rona re tle re rene le lona!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ