Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 5:23 - BIBELE

23 Yaba Naamane o re: “Ke a o rapela: Nka silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a tsheletseng le metso e robedi.” A mo qophella hore a e nke. A kenya silefera eo ka mekotlaneng e mmedi, a e tlama. A nka le mefuta e mmedi ya diaparo tse ntle, mme tsena tsohle a di jarisa bahlanka ba hae ba babedi, ba eteletse Gehasi pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Naamane a re: Dumela ho nka talenta tse pedi. A mo phehella, a phuthela talenta tse pedi tsa silefera mekotleng e mmedi, a mo nea le diaparo tse pedi tsa mokete, a di jarisa bahlankana ba hae ba babedi; ba di jara pela Gehasi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 5:23
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ako amohele mpho ya ka hle, eo ke o tliseditseng yona, hobane Modimo o ile a nkgauhela, le hobane ke na le tse ntekaneng.” A mo pheella, mme Esau a amohela mpho eo.


Yaba kgosi ya Iseraele e bitsa baholo ba setjhaba, e re: “A ke le boneng kamoo motho enwa a leng leqhoko kateng! O itse ke mo fe basadi ba ka, le bana ba ka, le silefera ya ka, le kgauta ya ka, mme ha ke a ka ka mo hanela ka letho.”


E ne e ye ere ha ba bona hore tjhelete e se e le ngata ka letloleng, ebe mongodi wa kgosi, le Moprista e Moholo, ba a tla, ba fihla ba bala tjhelete e ka Tempeleng ya Morena, ba nto e tshela ka mokotlaneng.


Ha ba ntse ba mo qopheletse, ho fihlela a be a hlajwa ke dihlong, a re: “Ba romeng!” Ka lebaka leo, ba roma banna ba mashome a mahlano. Ba mmatla ka matsasi a mararo, empa ba se ke ba mo fumana.


Empa Elisha a re: “Ka Modimo ya phelang, eo ke mo sebeletsang, nke ke ka amohela letho!” Naamane a mo qophella hore a e nke, empa Elisha a hana.


Kgosi ya Arame ya re: “Tsamaya, o ye hona teng, mme nna ke tla ngolla kgosi ya Iseraele.” Naamane a tsamaya a nkile silefera e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mararo le mashome a mane, le kgauta e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le mefuta e leshome ya diaparo tse ntle.


E mong wa bona a re: “Ke a o kopa: Ako ye le bahlanka ba hao.” Yena a araba, a re: “Ke tla ya.”


Bona ke boporofeta malebana le dibatana tsa naha e ka Borwa: Naheng ya ditsietsi le ya mahlomola, naheng ya ditau le ditauhadi, ya bo-marabe le ya noha tse mahloko, tse tjhalametsang, maqosa a belesitse maruo a wona hodima ditonki, matlotlo a wona hodima dilota tsa dikamele, a a isetsa tjhaba sena se se nang thuso,


ba ntse ba mo tjhehile, hore ba tle ba tshwase ho hong ho ka tswang molomong wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ