Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 5:11 - BIBELE

11 Empa Naamane a halefa, a tsamaya a ntse a re: “A ke le boneng! Ke ne ke hopotse hore motho enwa o tla tla ka seqo, a tlo ema kapele ho nna, a rapele Morena Modimo wa hae, mme ka letsoho la hae a pholle moo lepera le leng teng, ebe le a fola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Empa Naamane a halefa, a tloha, a re: Bonang, ke be ke lekantse hore o tla tswela ho nna, a eme, a bitse lebitso la Jehova, Modimo wa hae, a mpikitle ka letsoho la hae moo ke nang le bohloko, a mphodise lepera.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 5:11
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale he, kgutlisa mosadi enwa wa motho, hobane monna wa hae ke moporofeta, o tla o rapella, mme o tla phela. Empa haeba o sa mo kgutlise, tseba hore ruri o tla shwa, wena le bohle ba heno.”


Yaba mosadi eo o tloha ho Elisha, o ikwalla ka tlung le bara ba hae, ba neng ba ntse ba mo tlisetsa dipitsana, mme a tshela ole ka ho tsona.


Elisha a roma leqosa ho yena, a re: “Tsamaya, o yo tola hasupa ka nokeng ya Jorodane, mme nama ya hao e tla hloma, ebe o a fola.”


Na metsi a dinoka tsa Damaseka, bo-Abana le Parapara, ha a a hlweka ho feta metsi wohle a naha ya Iseraele? Na nke ke ka tola ho tsona, yaba ke a fola?” Naamane a kgutla, a tsamaya a halefile.


Ba se nang tsebo ba a bolawa ke ho kgeloha ha bona, dithoto tsona di a timela, di timetswe ke ho se tsotelle ha tsona.


Dikgang di hlahiswa ke boikakaso, bohlale bo fumanwa ho ba mamelang dikeletso.


O se ipone o le bohlale, tshaba Morena, o sesefe bobe.


Mosadi a re: “Ke nnete, Morena, empa le tsona dintja di ja makumane a wang tafoleng ya monga tsona.”


Empa mohlankana ha a utlwa polelo ena a tsamaya a swabile, hobane o ne a ruile haholo.


Molaodi wa lebotho a mo araba, a re: “Morena, ha ke tshwanelwe ke hore o kene ka tlung ya ka; bua feela, mme mohlanka wa ka o tla fola.


hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, athe ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”


Kannetenete, ke a le bolella, ya amohelang eo nka mo romang, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng.”


Jesu a re ho lona: “Ha le sa bone dipontsho le mehlolo ha le ka ke la dumela.”


Hlokomelang, le se ke la hana ho mamela ya buang. Baiseraele ba ileng ba hana ho mamela, ha a ba lemosa a le lefatsheng, ha ba a ka ba phonyoha. Jwale ebe rona re ka phonyoha jwang, haeba re furalla ya re lemosang a le lehodimong?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ