Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 5:10 - BIBELE

10 Elisha a roma leqosa ho yena, a re: “Tsamaya, o yo tola hasupa ka nokeng ya Jorodane, mme nama ya hao e tla hloma, ebe o a fola.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Elisha a mo romela lenqosa, a re: Eya o itlhatswe hasupa Jordane, mme nama ya hao e tla boela ho wena e ntjhafetse, o hlweke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 5:10
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ya mohloding wa sediba, a tshela letswai ka ho oona, a re: “Morena o bua tjena: ‘Ke ngakile metsi ana. Ho tloha jwale a ke ke a hlola a bolaya, kapa a etsa hore naha e be letswatlare.’ ”


mme a re: “Morena o bua tjena: ‘Tjheka mekoti kahara kgohlo ena.’


Elisha a ema, a nna a tsamaya kahara ntlo. A boela a hlwella betheng, a paqama hodima ngwana, mme ngwana a thimola hasupa, yaba o a tutuboloha.


Moporofeta a re: “Tlisang phofo!” A faha pitsa ka phofo eo, mme a re: “Qhatsetsa batho bana, ba habole!” Lesheleshele le ne le se le se na kotsi.


Empa Naamane a halefa, a tsamaya a ntse a re: “A ke le boneng! Ke ne ke hopotse hore motho enwa o tla tla ka seqo, a tlo ema kapele ho nna, a rapele Morena Modimo wa hae, mme ka letsoho la hae a pholle moo lepera le leng teng, ebe le a fola.


Ka hona a theoha, a qwela hasupa ka nokeng ya Jorodane, ho ya ka polelo ya moporofeta wa Modimo. Nama ya hae ya boela ya hloma, ya tshwana le ya ngwana wa lesea, yaba o a fola.


Yaba Naamane o tla ka dipere tsa hae, le ka kariki ya hae ya ntwa, o fihla a ema kapele ho monyako wa ntlo ya Elisha.


Moshe a tsamaya, a kgutlela ho Jethero, mohwe wa hae, a re ho yena: “Ke a o kopa: Ako ntumelle ke kgutlele ho bana beso ba Egepeta, ke yo bona hore na ba sa phela.” Yaba Jethero o re ho Moshe: “Tsamaya ka kgotso!”


Ha seaparo sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ka letlalo, e se e hlatswitswe, mme lefu le nyamela ho yona, e tla hlatsuwa kgetlo la bobedi, mme e tla ba e hlwekile.”


a ine monwana wa hae wa bosupa ka oleng eo, mme ka yona a foke hasupa kapele ho Morena.


Jwale o tla nka thupa ya kedare, le lehlaku la hisopa, le kgwele e kgubedu, mmoho le nonyana e ntseng e phela, ebe tsohle o di ina ka mading a nonyana e bolailweng, le ka metsing a sa tswa kguwa sedibeng, mme a foke ntlo hasupa.


Moprista o tla foka motho eo ya hlwekiswang hasupa. O tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile. O tla tlohela nonyana e phelang hore e fofele naheng.


O tla nka madi a pohwana, a foke hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe ka monwana wa hae, ka nqeng ya botjhabela; hape a foke hasupa kapele ho sona.


Ka madi a mang o tla foka hodima aletare hasupa, a e hlwekise, a e halaletse, hore a tlose ho se hlweke ha bana ba Iseraele ho ho yona.”


Ka letsatsi la boraro le la bosupa, monna eo ya hlwekileng o tla foka enwa ya sa hlwekang, mme a mo hlwekise ka letsatsi la bosupa. Monna enwa ya sesila jwale o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme ka phirimana o tla be a hlwekile.


Moprista Eleasare o tla qopetsa monwana wa hae mading, a foke ka wona ka makgetlo a supileng kapele ho monyako wa Tente ya Morena.


hobane ka nako tse ding lengeloi la Morena le ne le ye le theohele letshaneng, le fuduhe metsi, mme ya kenang pele kamora ho fuduhuwa ha metsi, o ne a fodiswa bohlokong bofe le bofe boo a ka bang le bona.


mme a re ho sona: “Eya o iphotle letsheng la Silowame” ke ho re: Moromuwa. Sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona.


Ba bang ba lona le ne le le jwalo, empa le ile la hlatsuwa, la halaletswa, la lokafatswa ka lebitso la Morena Jesu Kreste, le ka Moya wa Modimo wa rona.


Baprista ba supileng ba tsamaye kapele ho areka ba nkile manaka a supileng a pheleu. Ka letsatsi la bosupa le potolohe motse ka makgetlo a supileng, baprista ba letse manaka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ