Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 4:42 - BIBELE

42 Monna e mong a fihla, a etswa Baale-Shalesha, a tliseditse moporofeta wa Modimo bohobe ba dilopotsiya, e le dinkgwa tsa harese tse mashome a mabedi, le diako tsa koro, a di kentse kahara seroto sa hae. Elisha a re: “Di fe batho bana, ba je.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Yaba ho tla monna wa Baale-Shalisha, a tlisetsa monna wa Modimo bohobe ba dithakangwaha, e le mahobe a mashome a mabedi a harese, le diqwapi tse tala mokotleng wa hae. Elisha a re: Beela batho bana, ba tle ba je.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 4:42
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O nke dinkgwa tse leshome, le mangangajane a morara, le lekuka le tshetseng mahe a dinotshi, o ye ho yena. O tla o bolella se tla hlahela ngwana.”


Elisha a boela a kgutlela Gilegale, mme a fumana naha e aparetswe ke tlala. Ha sehlopha sa baporofeta se ntse se dutse kapele ho yena, Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Tlhatleha pitsa e kgolo, o phehele sehlopha sena sa baporofeta lesheleshele.”


Kgosi ya Arame ya re: “Tsamaya, o ye hona teng, mme nna ke tla ngolla kgosi ya Iseraele.” Naamane a tsamaya a nkile silefera e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mararo le mashome a mane, le kgauta e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le mefuta e leshome ya diaparo tse ntle.


Yaba Elisha o re: “Mamela mantswe a Morena! O bua tjena: ‘Hosasane, ka yona nako ena, mono kgorong ya motse wa Samaria, dikilo tse tharo tse phofo e thumisehileng ya koro, di tla be di rekiswa tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong, le dikilo tse tsheletseng tsa phofo ya harese di rekiswe tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong.’ ”


“O tla etsa mokete wa kotulo, wa dilopotsiya tsa mosebetsi wa hao, wa tseo o di jetseng masimong. “O tla etsa le mokete wa kotulo yohle qetellong ya selemo, ha o fiella tsa tshebetso ya hao masimong.


“Ole e ntle ka ho fetisisa, le veine e monate ka ho fetisisa, le koro e ntle ka ho fetisisa e leng dilopotsiya tseo ba di abelang Morena, tsona ke o nea tsona.


Ditholwana tsa dilopotsiya tse butswitseng tsa naha ya bona, tseo ba di tlisetsang Morena, e tla ba tsa hao. Bohle ba lelapa la hao ba hlwekileng ba tla di ja.


Ba a bokella, mme ba tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi ka makumane a setseng, a dinkgwa tse hlano tsa harese, tseo ba di jeleng.


“Moshanyana o teng mona, ya nang le dinkgwa tse hlano tsa harese le ditlhapi tse pedi, empa hoo e ka ba eng ho batho ba bangata hakaale?”


Ha e le mona re le jaletse tsa moya, na e ka ba mohlolo ho kotula tsa lona tsa lefatshe?


Ya rutwang lentswe la Modimo eka kgona a arolelane maruo a hae wohle le ya mo rutang.


Le tle le ise ho sona dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le nyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, le matsibolo a mehlape ya lona ya dikgomo le ya dinku.


sereledi ya eba sa serema sa kgomo, lebese ya eba le mafura la dinku, mafura ya eba a dikonyana, dipheleu le dipodi ya eba tsa Bashane, koro ya eba e lefi le thata, a nwa lero la morara le lefubedu.


Naha ya koro, le harese, le morara, le difate tsa feiye, le dikgarenate; naha ya difate tsa mohlwaare, le mahe a dinotshi;


Saule a feta hara naha ya Efraime e maralla, a feta le hara naha ya Shalesha, empa ba se ke ba di fumana. Yaba ba feta hara naha ya Shaaleme, mme le moo tsa eba siyo. A feta le hara naha ya morabe wa Benjamine, empa le teng a se ke a di fumana.


Yaba Saule o re ho mohlanka wa hae: “Empa bona mona, haeba re eya teng, monna eo re tla mo nea eng? Ha ho sa na mofao mekotlaneng ya rona, mme ha ho mpho eo re tla e nea monna eo ya halalelang. Re na le eng?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ