Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 4:40 - BIBELE

40 Ba qhatsetsa banna bao hore ba ke ba habole. Ha ba qala ba habola lesheleshele leo, ba howa, ba re: “Oho, moporofeta wa Modimo, ba re tsheletse!” Yaba ha ba sa le habola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Jwale, ba tsholela banna, ba re, ba je; yare ha ba eja meroho, ba howeletsa, ba re: Oho, monna wa Modimo, lefu le ka pitseng. Ba sitwa ho ja.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 4:40
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka mohlomong Jakobo o ne a phehile sopho, Esau a kena a etswa naheng, a lapile haholo.


Mosadi eo a re ho Elia: “Ekaba o ntsekisang, motho wa Modimo? Na o tletse hore sebe sa ka se hopolwe, mme moshanyana wa ka a shwe?”


Kgosi ya boela ya roma molaodi e mong wa bahlabani ba mashome a mahlano, le bahlabani ba hae. Molaodi eo le yena a fihla a re ho Elia: “Oho, moporofeta wa Modimo, taelo ya kgosi ke ena: ‘Theoha kapelepele!’ ”


Yaba kgosi e boela e roma molaodi wa boraro, wa ba mashome a mahlano. Molaodi enwa wa boraro a nyoloha, a fihla a kgumama kapele ho Elia, a mo rapela, a re: “Oho, moporofeta wa Modimo, ke a o rapela: Ako nqenehele, o qenehele le bahlanka bana ba hao ba mashome a mahlano.


Kgosi ya roma molaodi wa bahlabani ba mashome a mahlano le bahlabani ba hae ba mashome a mahlano ho Elia. Molaodi eo a nyolohela ho Elia, mme a mo fumana a dutse tlhorong ya leralla. Molaodi a re ho yena: “Moporofeta wa Modimo, kgosi e o laela hore o theohe.”


E mong wa bona a ya naheng ho ya kga moroho. A fumana monyaku, a kga ditholwana tsa wona, tsa tlala seaparo sa hae, a fihla a o kgabella ka pitseng ya lesheleshele, hobane ba ne ba sa o tsebe.


Mosadi eo a re ho monna wa hae: “Ke hlokomela hore monna enwa ya fapohelang mona ho rona kamehla, ke monna ya halalelang wa Modimo.


Jwale ke a le kopa: a le ke le ntshwarele sebe sena sa ka lekgetlo lena feela, mme le rapele Morena Modimo wa lona, hore a mpe a tlose lefu lena ho nna.”


Ba fihla Mara, empa ba sitwa ho nwa metsi a Mara, hobane a ne a baba. Ke ka lebaka lena sebaka seo se reilweng lebitso la Mara.


ba tshware dinoha ka matsoho, mme leha ba ka nwa tjhefo efe kapa efe, e ke ke ya ba etsa letho; ba tla bea bakudi matsoho, mme ba tla fola.”


Ena ke tlhohonolofatso eo Moshe mohlanka wa Modimo, a ileng a hlohonolofatsa bana ba Iseraele ka yona, pele a eshwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ