Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 4:39 - BIBELE

39 E mong wa bona a ya naheng ho ya kga moroho. A fumana monyaku, a kga ditholwana tsa wona, tsa tlala seaparo sa hae, a fihla a o kgabella ka pitseng ya lesheleshele, hobane ba ne ba sa o tsebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 E mong a tswela naheng ho kga moroho; a fumana maraka a naheng, a kga ditholwana tsa wona, a di phutha, a tla, a di petsolela pitseng ya meroho, ba mpa ba sa di tsebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 4:39
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka mohlomong Jakobo o ne a phehile sopho, Esau a kena a etswa naheng, a lapile haholo.


Mapolanka a kedare, a maboteng a kahare, a ne a betlilwe, ho entswe ditholwa le dithunthung. Mabota a ne a kwahetswe ka kedare, ho se na lejwe le bonahalang.


Elisha a boela a kgutlela Gilegale, mme a fumana naha e aparetswe ke tlala. Ha sehlopha sa baporofeta se ntse se dutse kapele ho yena, Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Tlhatleha pitsa e kgolo, o phehele sehlopha sena sa baporofeta lesheleshele.”


Ba qhatsetsa banna bao hore ba ke ba habole. Ha ba qala ba habola lesheleshele leo, ba howa, ba re: “Oho, moporofeta wa Modimo, ba re tsheletse!” Yaba ha ba sa le habola.


Ho tjheseha motho a hloka tsebo ha ho na thuso, ho ba mahlahahlaha ho lahlisa motho tsela.


Nkabe ke etseditse tshimo ya ka eng, ho feta seo ke e etseditseng sona? Ha ke ne ke lebeletse hore e behe morara o monate, ho tlile jwang hore e behe morara wa hlahlaane?


Ke ne ke o hlomme sa morara o motlemotle, sa morara o jetsweng ka peo e butswitseng; jwale o ile wa mphuralla jwang, wa fetoha hlahlaane ya morara wa naha?


A ba araba, a re: “Semela se seng le se seng se sa lengwang ke Ntate ya mahodimong se tla motsulwa.


Hlokomelang hore ho se be ya furallang mohau wa Modimo, esere ha mela sebabane se seng se ferekanyang, mme sa silafatsa ba bangata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ